Setopo sa Motho ya Belaellwang a hatikilwe ke makoloi se fumanwe mmileng wa N3 Harrismith

Sepolesa sa Harrismith se kopa setjhaba ho thusetsa ho rarolla pharela eo se kopaneng le ona, kamora ho fumanwa ha setopo sa motho ya sa tsejweng a bile a sa bonahale mmileng o moholo wa N3 haufi le sebaka sa Emoyeni Harrismith, ka la 17 Tshitwe 2025.

Mofu enwa ha a tsejwe, le tshobotsi ha e bonahale hohang. Ho belaellwa ha makoloi a mo tsamaile hodimo, mmileng ona wa N3.. Bong ba mofu ha bo so tsejwe ha jwale, mme nyewe ya polao ntle le maikemisetso e ritetswe, e ntse e batlisiswa.

Sepolesa se ipiletsa ho mang kapa mang ya ka bang le lesedi kapa ba leloko ba sa fumaneng e mong wa bona, ho ikopanya le Harrismith Detectives Service, Detective Captain Zwane at 060 976 4290 or Crime Stop 08600 10111. Alternatively, send a tip-off on the MySAPS App.