Sepolesa sa motseng wa Oranjeville o Masepaleng wa Metsimaholo, se kopa setjhaba ho thusetsa ho batlana le Thamsanqa Mpiga ya dilemo tse 20, ya tlalehilweng a nyametse.
Thamsanqa o qetetswe ho bonwa ka Mantaha wa la 13 Mphalane 2025, nakong ya bo 07:45, a le lapeng ho tjhaja mohala wa thekeng.
Mme wa Thamsanqa o hlalositse hore ha a ka a kgutla ho tla nka mohala wa hae, mme haesale ba qetella ho mo bona tsatsing leo. Thamsanqa o qetetswe ho bonwa a apere borikgwe bo bokgutshwane bo mmala o moputsoa ba moetso wa Nike, le meqathatso e metala ka mmala.
Sepolesa se kopa mang kapa mang ya ka bang le lesedi la moo Thamsanqa a ka fumanwang teng ho ikopanye le Detective Sergeant Mipi on 0838431223 or contact Crime Stop on 08600 10111.

