Tlaleho ka Lekhotla Mokoena
Matsatsinyana feela kamora tshimoloho ya sehla sa mephato ho se ho hlahelletse tse sa jeseng di theohelang.
Tsena di hlahelletse dibakeng tsa Bethulie, Vrede, Botshabelo le Theunissen profensing ya Free State kamora hoba feela sehla sena sa mephato se simolle kgweding e shweleng ka la mashome a mabedi a metso e supileng.
Ditaba tsena tse sa jeseng di theohelang di kenyeleditse kahare ho timela, ho nyamella le ho kula ha makolwane.
Letona la Mebuso ya Kopanelo le Ditaba tsa Marena Saki Mokoena ka tshebedisano hammoho le Komiti ya Profensi ya Bohokahanyi ho tsa Lebollo ba kgothalleditse baahi ho ba sedi le ho tlaleha mephato e seng molaong kahara Profensi ena.

Ho se ho tlalehilwe mafu a mabedi mephatong e Botshabelo le Bethulie. Sepolesa se ntse se etsa dipatlisiso. Hape Bethulie makolwane a mabedi a fumane kalafo kamora ho fumanwa a ruruhile maoto.
Ha e le sebakeng sa Vrede ho tlalehilwe ho nyametse makolwane a mabedi a lemo tse 17 le 27 mme ho tlalehilwe Sepoleseng.
Ho ya ka dipalopalo tsa diketsahalo tsa mafu mephatong, Profensi ya Free State e bile ya bobedi ho tlaleha mafu a mangata ngwahola. E tlalehile mafu a 26.
Tshebedisano mmoho mahareng a baahi, komiti ya mephato le Sepolesa e thusitse ho pholosa makolwane a 21 ho e meng ya mephato ho la Theunissen. Mophato o ile wa ba wa kwalwa mme baithuti ba ona ba kgutliseditswe malapeng. A le mong hara bona o nketswe sepetlele ho fumantshwa kalafo.
Lefapha le hlalosa hore ha jwale ho ritetswe nyewe tse tsheletseng (6), tsa botsotsi. Ho tshwerwe batho ba bane, Mosuwe le bathusi bahae ba bararo Theunissen. “Se bakang ketsahalo tsena tsa mafu tse phahameng kahara Profensi ena ke ditlha tsa Lebollo tse seng molaong. Molao o hlalosa hore ditlha tsohle tsa Lebollo di ngodise le Komiti e Laolang Tsamaiso ya Mephato ya Profensi kgwedi tse tharo pele setlha sa Lebollo se simolla ho fumana tumello ya ho sebetsa”, ho rialo Lefapha.
Batswadi le bahlokomedi ba bana ba kgothalletswa ho etsa bonnete ba hore dikolo tseo ba isang bana ho tsona di molaong le hore di ngodisitse le Komiti ya Mephato, le hore di ikamahanya le molao o laolang ditaba taa mephato.
Baahi ba ka letsela nomoro tse latelang bakeng sa ho tlaleha dikolo tse seng molaong le dipatlisiso: Monghadi Thabo Lehabe 079 210 5935, kapa Monghadi Daniel Nteo 063 834 7523.

