SACP e tletleba ka maemo a mabe a BoMmasepala ba Free State

Mokgatlo wa South African Communist Party Free State o hlahisitse ho ngongoreha ha wona ka maemo a sa thabiseng a tsamaiso ya ditjhelete ho bommasepala ba Free State kamora hoba Mohlahlobi e moholo wa Dibuka a phatlalatse sephetho sa ho hlahlojwa ha dibuka tsa ditjhelete tsa bommasepala tsa selemo sa ditjhelete sa 2018 / 2019.

Mokgatlo o boletse hore o kgathatsehile haholo kamoo maemo a ditjhelete bo mmasepaleng a ntse a tswela pele ho putlama ho e na le ho ntlafala.

Tlalehong ya dikateng tsa kopano ya boleshome le motso o le mong ya Lekgotla la Bosupsa la Profensi, Boetapele ba SACP Free State bo boletse ha kamoo ho putlama ha ditjhelete kahare ho bommasepala e le ketsahalo ya ka boomo ya baetapele ba sepolotiki le botsamaisi ya ho hloka maikarabelo.

“Sena se re tshwentse haholo re le mokgatlo, ho kenyeleditse le bommasepala ba sa romelleng ditlaleho tsa bona ho mohlahlobi e moholo wa dibuka.

“Komiti kakaretso ya profensi e dumellane ka hore ho hlokeha boetapele bo nkang diqeto tse hlakileng le ho kenya tshebetsong mehato ya ho batlisisa sesosa sa maemo ana a sa nyeseng ditheohelang kahare ho sebaka sena sa puso.

“Ka ho etsa jwalo re tla be re betlile tsela ya hore moralo ya ntshetsopele ya ditereke e atlehe. Boetapele ba SACP bo tla hlahisa taba tsena sebokeng sa mahata-mmoho.”

Boetapele ba SACP Free State bo boetse ba hlalositse tlhokeho ya diqeto tse tsapameng tsa mmuso o nang le tjhebeleho le bokgoni bakeng sa ho kaho ya moruo o thefutsweng ke Covid-19.

Hape boetapele bo re bo kgotsofatswa ke ho bona matshwao a bontshang hore dikamano di ntse di e ba ntle ho mekgatlo ya mahata-mmoho kahara profensi ya Free State.

Tlalehong ya sepheto sa ho hlahlojwa ha dibuka tsa ditjhelete tsa bo Mmasepala eo Mohlahlobi e Moholo wa dibuka, Kimi Makwetu, a e ntshitseng bekeng ena o boletse kamoo bo Mmasepala ba Free State ba ntse ba tswela pele ho se sebetse hantle kateng.

Makwetu o boletse ha kamoo bo Mmasepala ba ka hodimo ho halofo ya bo Mmasepala kahara Free State ba hlolehileng ho ikarabela kamoo ba sebedisitseng tjhelete ya balefi ba lekgetho kateng selemo sa ditjhelete sa 2018/2019.