Polao ya Magistrata e tlisa hlonamo le maswabi

Toropo ya Heilbron ka Leboya ho Free State e aparetse ke hlonamo le maswabi. Dikgoro tsa lekgotla la dinyewe tsona di saretswe. Tsena tsohle di bakilwe ke polao ya Magistrata wa Lekgotla la Dinyewe la Lebatowa, Mamello Thamae ya dilemo tse 40.

Setopo sa Thamae ya ileng a tlalehwa a nyametse hammoho le molekane wa hae se fumanwe Lesotho mafelong ana a sa tswa feta a beke. Athe ha e le molekane wa hae, Lehlohonolo Maketoane ya dilemo tse 40 o lletswe ke ditshepe mme o tla tobana le diqoso tsa ho kwetela le polao.

Sepolesa se boletse hore Maketoane o lletswe ke ditshepe hona Lesotho mme o tla tliswa Afrika Borwa ho hlahella kgotla.

Thamae le Maketoane ba ile ba tlalehwa sepoleseng ba nyametse ho se moo ba fumanwang kahare ho Heilron bekeng ya ho feta.  

Ho bile le pelaelo ya hore koloi ya bona e ile ya kena Lesotho ka moedi wa Ficksburg.

Pelaelo ena e fetohile nnete ha sepolesa se ba fumana Lesotho, Mathae e se e le mofu.

Maketoane o lebeletswe ho hlahella kgotla.