Qwaketsano ya botlolo ya letsina e siile monna ya dilemo tse mashome a mararo wa Ntha, Lindley, e le mofu.
Sena tlile kamora hoba Lucas Mpembe a tsekisane botlolo ya jwala le banna ba babedi moo motseng wa Ntha. O hlokahelletse sepetlele sa Bethlehem.
Banna bao ba babedi bona ba dilemong tse 30 le 33 ba lletswe ke ditshepe kamora ho tshwarwa ke Sepolesa sa motseng oo ka la 02 Lwetse 2025
Ho ya ka tlaleho ya Sepolesa, lehlatsipa lena le amohetswe sepetlele kamora tlhaselo eo, mme a hlokahala ha mma morao ke maqeba.
Ho utlwahala hore hore Moqebelong o fetileng nakong tsa bo 04:15, mofu o ne a le tameneng le batho ba bang ha ho qala dingangisano le babelaellwa ho tsekwa botlolo ya jwala.
Sepolesa se bolela hore nakong ya qweketsano eo mofu o ile a tswa a tsamaya empa a boya sekwele a se a hlometse ka sepete-foroko a bile a kgorohela babelaellwa ka sona. Empa ba se hlotha ho yena pele a ka ba hlasela mme a otlwa ka sona le ka tshepe.
Mofu o ile a tswa maqeba a mabe mme a potlakitsetswa sepetlele ho fumantshwa kalafo.
Ka bomadimabe ka Labobedi la la 02 Lwetse 2025 a hlokahala ka baka la maqeba ao. Sepolesa se butse nyewe ya polao, mme babelaellwa ba babedi ba llelwa ke ditshepe, mme ba qoswa ka polao.