Ntjapedi ha e hlolwe ke sebata

Sontaha sena sa ho feta maqheku a kgothaditswe ka ho ikopanya ba be ngatana nngwe,ho batla tsebo le thuso mmo ba sa tsebeng le ho se tshabe ho bua ka tse ba ngongorehisang.

Sena se etsahetseng Zamdela, Sasolburg, nakong eo mokgatlo wa Thabo Beleng Foundation le wa RBM Centre o neng o tshwere moketjana a Phase 5 le Mooidraai. Sepheo sa moketjana ona e bile ho kgothatsa, ho fana ka tsebo le lesedi ekasitana le ho thabisa maqheku.

Ke maikemisetso a mekgatlo ena e mmedi e leng wa Thabo Beleng Foundation le wa RBM Centre ho thusetsa le ho tlisa thabo ho baahi ba kojwana di mahetleng.

Mokgatlo wa Thabo Beleng Foundation o fumanehang Snake Park (ditamading), Zamdela o qadile ka selemo 2010 empa wa ingodisa semmuso ka 2021. Mothehi e bile e le Motsamaisi  wa mokgatlo ona ke Thabo Beleng.

Sepheo le morero ka mokgatlo ona ho ya ka Beleng ke ho tsamaela malapa kahara motse le ho bona hore ba ka thusetsa jwang moo ho nang le mathata. “Re sebetsa mmoho le lefapha la tsa Thekolohelo(Social Development), ho thusa maqheku ka mangolo a boitsebiso (ID), ka dikopo tsa bona tsa penshene, mangolo a tlhaho a bana, le malapeng ao ho se nang lekeno ka hohlehohle,” ho rialo Bereng.

“Ntlhakgolo e nngwe ya mokgatlo ke ho bona baahi ba kopane e le ngatana nngwe,” o keleditse ka seo. Mokgatlo o na le maloko a mararo eleng Thabisa Beleng,Tshehla Mokoena le Katleho Nkutha hammoho le Jeanette Mohlokoana.

“Ka tshebedisano mmoho le dikgwebo tse nyane le tse kgolo mokgatlo o boela o lakatsa ho thusa bana le maqheku nakong ena ya mariha ka diaparo tse mofuthu le diaparo tsa sekolo bakeng sa bana.

Mokgatlo wa RBM Centre ona o fumaneha Mooidraai, mme o qadile ka selemo sa 2012 mme wa ngodiswa monongwaha. Mothehi le Motsamaisi wa ona ke Mornesi Kapotsa.

Ho ya ka Kapotsa mokgatlo o sebetsa ka maqheku le bana ba dikgutsana. “Sepheo sa mokgatlo ke ho leka ho finyella ditlhoko tsa maqheku le bana, mokgatlo o leka ho nehelana ka dijo ho ba hlokang, hape ke leka le ho tshedisa moo ho hlokahalang. Re boela re thusa le maqheku hara motse ka ho ba tlela le meriana ya bona dikleniking” ho rialo Kapotsa.

Mokgatlo ona le maloko a ka bang 30 ha jwale. “Mokgatlo o lakatsa ho etsetsa maqheku lehae leo e leng la bona moo ba tlang ho fumana thuso ditlhokong tsa bona”.

Maqheku a ile a phomosetswa ka dijo le dinwamaphodi moketeng ona. – Tlaleho ka Ouma Mabaso.