Nngwe. Pedi. Tharo? Ebe e tla ba mang Majoro wa boraro?

Nakong feela e ka tlase ho dilemo tse pedi kamora dikgetho tsa Bommasepala tsa 2021.

Majoro wa pele e bile Selloane Motjeane wa Economic Freedom Fighters – Ka la 22 Pudungwana 2021.

A latela ke Jeff Zwane wa Democratic Alliance – Ka la 3 Tshitwe 2021.

Wa boraro e tla ba? Ka la?

Tlaleho ka Moqolotsi wa Ditaba wa Puisano

Letsatsi la Labobedi la 1 Phato 2023 le simollang selemo sa Basotho le diketse baahi ba Metsimaholo ba se na Majoro. Baahi ba tla tseba kamora matsatsi a supileng hore e tla ba mang Majoro wa Phethahatso wa boraro nakong ya selemo le kgwedi tse robedi feela kamora dikgetho tsa Bommasepala tse bileng ka la 1 Pudungwane 2021.

Sena se tla kamora hoba balekgotla ba 31 ba nke qeto ya ho ketola Majoro wa Phethahatso Jeff Zwane kopanong ya Lekgotla la Motse la Metsimaholo e bileng Multipurpose Sports Centre e sebakeng sa Harry Gwala ka Zamdela, Sasolburg.

Zwane e ne le Majoro wa bobedi wa Metsimaholo nakong eo a neng a kotsomala setulo sena ka 3 Tshitwe 2023. Majoro wa pele e bile Selloane Motjeane matsatsinyana feela kamora dikgetho tsa Makgotla a metse tsa 2021. Empa o ile a ntshwa mejo ka hanong ke mokga wa habo wa Economic Freedom Fighters kamora ho hana ho etsa setswalle le African National Congress (ANC).

Ho ya ka Mmuelli wa Masepala wa Metsimaholo, Dr Gino Alberts, mohato wa ho hloka tshepo kgahlano le Zwane o etsahetse bosiyong ba hae kaha Balekgotla ba mokga wa habo wa Democratic Alliance ba ile ba ngala kopano ya Lekgotla.

Alberts o boletse hore Majoro e motjha wa Metsimaholo o tla kgethwa nakong ya matsatsi a supileng.

Tshisinyo ya hloka tshepo ho Zwane e kentswe ke ANC ka Molekgotla wa yona Fikile Mosokweni eo e leng hape Rasephadi wa Lekgotla. ANC e qositse Zwane ka ho hlolwa ke tsamaiso ya Masepala.

ANC haesale e hula ka tlhako tsa morao masepaleng wa Metsimaholo hoo e ileng ya tlameha ho ngoka mekga e meng hore morero wa yona wa ho ntsha Zwane o atlehe.