Nka karolo tshireletsong ya ngwana

Bekeng ena Tshireletso ya Ngwana (Child Protection Week) mmuso o etsa kgoheletso ho baahi bohle ba Afrika Borwa ho nka karalo tshireletsong ya bana.

Mmuso o re setjhaba se na le matla a o fedisa tlhokomelo e bohlaswa ya bana, tlhekefetso, ntwa le ho qhekella bana.

Beke ya Tshireletso ya Ngwana e qadile ka Sontaha sa di 28 Motsheanong 2023 e tla fela ka Sontaha sa di 4 Phupjane 2023. Mokotaba wa beke ena wa monongwaha ke ona o reng: “Ha re tshireletseng bana nakong ya Covid-19 le ho feta.”

Beke ena e tshwarwa selemo le selemo ka tlasa Lefapha la Ntshetsopele ya Setjhaba.

Lefapha la Ntshetsopele ya Setjhaba le kentse tekong setsha sa mehala bakeng sa tshehetso le ho thojwa ha maikutlo ho mahlatsipa a ditlhaselo tsa bong e butsweng dihora tse 24 e leng 0800 428 428 (0800 GBV GBV). Moo teng ba tla fumana mosebeletsi wa setjhaba ya tla ba fa tshehetso le ho ba thoba maikutlo.

Hape baletsi ba ka kgona ho kopa mosebeletsi wa setjhaba ho ba letsetsa ka ho tobetsa nomoro ya mahala ya *120*7867# ho cellphone tsa bona.

Thuso e ka fumaneha hape ho:

  • Childline South Africa: 0800 055 555
  • Child Welfare South Africa: 0861 4 CHILD (24453) / 011 452-4110 / e-mail: info@childwelfaresa.org.za

Molaotheo wa Afrika Borwa o tsitlallela ditokelo tsa bana.