Ngwanana o ya iketsetsa o nkgisa dikoloi hamonate

Morwetsana ya dilemo tse mashome a mabedi a metso e meraro (23) ya tswang Makeleketla toropong ya Winburg o thabela ha bakganni ba otlwa ke lephoka le monate ha ba kena dikoloing tsa bona. Ke hahoo a qadileng kgwebo ya ho etsa dikonkosi tse menko e monate ka ho fapana tse behwang kahara dikoloi hore di tle di lephoka le hlabollang.

Leqeme la mesebetsi naheng ya Afrika Borwa haholo batjheng le susumeditse Pulane Mohapi ho ema ka maoto a iketsetse.

Ha a elellwa hore ho dula feela o sa etse letho ho tla atisa bofuma ka lapeng labo, Pulane o ile a tlama thoto ya hae a leba motsemoholo wa Free State, Bloemfontein, ho tla etsa mekutu ya ho iphedisa. Ke moo a ileng a ba le mohopolo wa ho iketsetsa dihlahiswa tsa dikonkosi tse monko o monate o fapaneng tsa dikoloi ka ho tswaka mefutafuta ya dioli tse lephoka le monate le letswai ka ho fapana.

Lebitso la dihlahiswa tsa Pulane ke Finest Quality Fragrance tse tswang ka pakana ya letswai le botlolo ya oli mme ke mefuta e fapaneng ya menko. Tsona di tswa le kgwele eo monga koloi a ka e hakang seiponeng se kahare.

O qadile ho iketsetsa dihlwahiswa tsena tsa hae ka Hlakola monongwaha.

“Ke rekisa hohle mona kahara toropo ya Bloemfontein haholoholo kantle dibakeng tsa mabenkele moo ke tsebang hore dikoloi di ema teng.

“Ho tloha hoseng ha mabenkele a bulwa ke ya rekisa ho fihlela motsheare wa mantsiboya horeng tsa bone le tsa bohlano ebe ha ke fihla ntlung ke tshwarana le mosebetsi wa ho etsa metswako ya dihlahiswa tsena tsa ka,” ho rialo Pulane.

O re bakganni ba thabela dihlahiswa tsa hae haholo hobane tseo a tlang le tsona hoseng ho tla di rekisa di ya rekwa di be fele. Tsatsi ka leng o kgona ho etsa motswako wa dikonkosi tse mashome a mahlano tseo e reng ha a di rekisa letsatsi le hlahlamang di rekwe kaofela ha tsona.

“Ona ke mokgwa wa ho iphedisa le ho batla katleho bophelong,” ho rialo Pulane eo e leng letsibolo lelapeng la bana ba bahlano.

Ebang o lakatsa ho tshehetsa le ho reka dihlahiswa tsa Finest Quality Fragrance ikopanye le Pulane Mohapi nomorong ya 063 381 2063.