Mosamaria ya molemo o fapohela ho bana

Tlaleho ka Ouma Mabaso

Thabo e ya kgapatseha sekolong sa bana ba banyenyane ba ka tlase ho dilemo tsa ho kena sekolo e leng Creche e ka Amelia sebakeng Zamdela Sasolburg kamora ho etelwa ke Mosamaria ya molemo.

Sebaka sa mokhukhu se setse se nkga botjha kamora hoba Mosamaria enwa ya molemo a se ntjhafatse ka ho se penta.

Sena se etsahetse bekeng e fetileng mme Mosamaria ya molemo e bile Stone Makhema eo e leng Molekgotla wa Democractic Alliance kahare ho Masepala wa Selehae wa Metsimaholo. Creche yona key a Mamohato.

Makhema o entse seo e saleng botsamaisi ba Creche ena bo se labalabela ka nako e telele. A fihla a se itheke moralo mokgoping, a finne seledu le bathusi yaba mokhukhu wa bana o nkga botjha kamora ho tshaswa ka pente ka boqhetseke le boinehelo le pelo-tshweu bakeng sa ba banyenyane.

Creche pele e tsoseletswa botjha ka pente

Leha mosebetsi ona wa tokiso ya crèche ena o etsahetse maqalong a kgwedi ena ya Phato, ho Makhema e ntse e le e meng ya merero ya hae le mokga wa habo ya ho lebisa tlotla ho qhoku, Mofu Nelson Mandela.

“Re le mokgatlo wa DA, re kgethile ho hlompha kgwedi ya Mandela ka ho kenya letsoho ho thusa kahara motse mme ra fumana hore creche ena ya Mamohato e le yona eo re ka e thusang kgetlong lena. Ka lehlohonolo ha re fihla mona Batsamaisi ba creche ena ke ha ba hlalosa le bona hore ba ne ba ntse ba le maikemisetsong a ho ntjhafatsa sekolo seo sa bona” ho rialo Makhema.

“Jwalo ka mokgatlo ke maikemisetso a roma hore re tlise phethoho maphelong a batho le setjhabeng sa rona re sa natselle hore ke batho ba mokgatlong ofe wa dipolotiki,” ke Makhema eo.

Sena se entsweng ke Makhema se tlisitse thabo ho Mosuwehloho wa creche ena ya Mamohato, Neo Phomolo Mtati. “Re thabile haholo hobane ba re fokoleditse mosebetsi. Re ne re ngongorehile ka maemo a sekolo sena sa rona mme ka hoo re leboha haholo re le komiti le basebetsi ba sekolo” ho rialo Mtati.

Mme MaHlahane eo e leng motswadi wa ngwana a kenang sekolo Mamohato, o boletse tjena: “Re le batswadi ba bana ba kenang creche ya Mamohato re leboha haholo ho mokgatlo wa DA ha baile ba kgetha creche ena mme ba bona hore ho na le tlhoko ya hore batlo lokisetsa bana ba rona hore ba kene maemong a matle.”