Mosadi wa Qwaqwa o qoswa ka ho ipha moshanyana

Tlaleho ka Lekgotla Mokoena

Mosadi ya dilemo tse mashome a mabedi a metso e robedi (28) wa Qwaqwa motseng wa Tseki o lletse ke ditshepe tsa ba batseka ka qoso ya peto ya moshanyana ya dilemo tse leshome le metso e mene (14).

Mosadi enwa o qhauditse ke Sepolesa sa Phuthaditjhaba se shebaneng le ditlolo tsa molao tse amanang le tsa malapa, tshireletso ya bana le tsa thobalano e leng Family, Child Protection and Sexual Offences Unit, kamora hoba mme wa moshanyana ena a tlalehe ketso eo.

Ho ya ka Sepolesa ketsahalo ena e etsahetse bekeng ya ho feta nakong eo moqosuwa a neng a kwalla moshanyana ka tlung ha hae ho iketsetsa ka ho rata. Moshanyana enwa o ne a ipalla le ba bang kantle seterateng nakong eo moqosuwa a neng a mmitsa. E ne e le motsheare kamorao ho hora ya 12h00 hara mpa ya motsheare.

Ho fihleng ha hae ka tlung ke moo mosadi enwa a ileng a mo hlobodisa le ho mo beta. Ha a qetile a leka kwala molomo ka tjhelete

Moshanyana enwa ya ba o bolella Mme wa hae ka se etsahetseng, mme yena a tlaleha taba tseo Sepoleseng hanghang.  Moshanyana o ile a nkelwa kokelong athe haele moetsi wa ketso ena o ile a hlahlelwa ntlwanatshwana. O tla hlahella kgotla ka qoso ya peto.