Mohale le lebitleng

Sena ke selemo sa leshome Madiba a timetse empa bokgabane ba mesebetsi ya hae bo ntse bo tsotwa le kajeno.  E seng feela naheng ya Afrika Borwa empa le dinaheng tsa matjhabeng.

Ena ke kgwedi ya ho keteka bophelo ba mohale le eo ebileng Presidente ya pele ya motho e motsho ya Afrika Borwa e leng Dr Nelson Rolihlahla Mandela.

Ka Labobedi la di 18 Phupu ke letsatsi la hae la tswalo. Leha e se e le mofu, Mandela ya tsebahalang hape ka lebitso la Madiba e ntse e le senatla, kgalala le kwakwariri a ntse a le lebitleng.

Mmuso o etsa boipiletso ho setjhaba sa MaAfrika Borwa ho keteka bophelo ba Madiba ka ho ba le seabo ho fetoleng maemo kgahlano le tlhokeho ya dijo le ho fetofetoha ha maemo a lehodimo.

Mmuso o hlalositse kamoo Mandela a neng a nena ho hloka toka ka teng le kamoo a ileng a tela bophelo ba hae hammoho le balwanedi ba bang ba tokoloho hore Afrika Borwa e be naha e nang le bolokolohi. Leha a se a tswile ntlwanatshwana Madiba o ile a lwantshana le tlhokeho ya toka, haholoholo bofuma, hoo a ileng a etsa matsapa a ho fumana thuso ya ditjhelete hona mona lapeng le matjhabeng.

Mmuelli wa Mmuso Nomonde Mnukwa o boletse hore Madiba o ile a nka mehato ya ho lwantsha le bofuma e le tshireletso ya ditokelo tsa botho.

 Mandela o kile a re: “Ho hlola bofuma ha se ketso ya mohau. Ke ho etsa toka. Ke ho tshireletsa ditokelo tsa motheo tsa botho, tsela ya ho fana ka seriti le bophelo bo kgabane.”

“Jwale ho ka molemo ho setjhaba ho tsamaya mehlaleng ya kakapa e seng feela ka Phupu empa tsatsi ka leng la bophelo ba sona,” ho rialo Mnukwa.

Madiba o ile a tswalwa ka di 18 Phupu 1908. Selemo sena sa 2023 ke sa bo 105 sa tswalo ya hae. Letsatsi la la 18 Phupu le se le tsebahala e le Letsatsi la Matjhaba la Nelson Mandela mme le hlwailwe e le letsatsi leo ka lona ba tsotang mesebetsi ya mohale enwa ba ka bontshang ka mesebetsi e metle le bona. Afrika Borwa kgwedi ena yona e hlwailwe e le Kgwedi ya Madiba.

Mmuso o tsebise hore monongwaha kgwedi ena e tla ketekwa ka tlasa sehlooho sena se reng: “Ho  diatleng tsa hao”. Sehlooho sena se itshitlehile ho se kileng sa buuwa ke Madiba nakong ya mokete wa mmino wa 46664 bakeng sa mahlatsipa a bohloko ba AIDS pakeng tsa 2003 le 2008 ha a ne a re: “Ho theha lefatshe le letle bakeng sa bohle ba phelang ho lona ho diatleng tsa hao.”