Mme o fuwa kahlolo ya tlhekefetso ka motabo ho mora hae

Tlaleho ka Lekhotla Mokoena

Kamora ho mekamekana le mora hae ka tlhekefetso ya motabo mosadi wa Bayswater e Mangaung Bloemfontein o fumanwe a le molato ke lekgotla la dinyewe.

Mme enwa, eo lebitso la hae le ke keng la bolelwa, o qositswe ka ho hlekefetsa mora enwa wa hae nako ya dilemo tse tharo ho tloha ka Pherekgong 2020 ho ya ho Tshitwe 2022. Mora enwa o ne a le dilemo tse leshome le metso e mmedi(12) nakong eo.

Lekgotla le mo ahloletse ho ba tlasa taolo ya boitlhabollo bakeng sa dikgwedi tse tsheletseng. O boetse a hlaloswa e le motho ya sa itekanelang ho ka sebetsa ka bana.

Letona la tsa Tshireletso ya Setjhaba, Mebila le Dipalangwang Profensing ya Free State Jabu Mbalula le amohetse kahlolo ena. Letona le boletse ha le thoholetsa mosebetsing o motle wa Sepolesa.

Letona Jabu Mbalula

“Le ha re sa kgotsofalla kahlolo ena ka ho phethahala empa re amohela kotlo eo a e fumaneng” ho rialo Mbalula.