Mathata a baithuti ba ipolayang le ba lekang ho ipolaya a ya hlobaetsa

Ka Moqolotsi wa Ditaba wa Puisano News

Diketsahalo tse soto tsa ho ipolaya le teko ya ho ipolaya tse jang setsi hara baithuti di tshwentse Lefapha la Thuto Profensing ya Foreisitata haholo.

Lefapha lena le phatlaladitse dipalopalo tse nyarosang tsa baithuti ba ipolayang le ba lekang ho ipolaya kgweding ena ya thibelo ya ho ipolaya (World Suicide Prevention Month). Letsatsi la la 10 Lwetse le bile le behilwe e le la thibelo ya ho ipolaya.

Lefapha lena le kgobokantse ha mmoho baithuti ba 500 le batswadi ba bona Seterekeng sa Lejweleputswa matsatsi a mmalwa a fetileng, letsholong la Thibelo ya Teko ya ho Ipolaya. Ka letsholo lena Lefapha le ikemiseditse ho hlokomedisa le ntlafatsong ya baithuti ka taba ena e hlokolotsi le e robang maikutlo.

Dipalopalo tsa lefapha di hlahisa hore ke baithuti ba 160 ba lekileng ho ipolaya ka hara profensi ena. Ba bane ho bao ba tswelletse ka ho ipolaya sehleng sena sa Thuto. Setereke sa Lejweleputswa se tlalehile diteko tse 75 tsa teko ya ho ipolaya ke baithuti.

Selemong se fetileng Setereke sena se lahlehetswe ke baithuti ba 11 ka ho ipolaya.

Molaodi Seterekeng sa Lejweleputswa, Phaello Zonke, o hlalositse hore “Re hloka ho kgothalletsa tshehetso e matla ho bana ba rona, re kgaole taba ya ho se bue, re theole le sekgobo se amanang le ho kula ha kelello dikolong tsa rona”.

Molaodi wa Inclusive Education, Bukelwa Qwelane, a bile a etelletse pele letsholo lena o hlalositse ha Letsholo lena le itshetlehile ho mokotaba o reng ‘Changing the Narrative on Suicide’.

“Ngwana ke kelello, mmele le moya. Re batla bana ba rona ba atlehe dithutong tsa bona, ntle le ho roba maikutlo a bona. Ka letsholo lena re kgothalletsa batswadi ho ba sedi le ho ela hloko bana ba bona, le ho hlokomela matshwao a bontshang ho kgathatseha ha ngwana”.

Letsholong leo baithuti ba ile ba arolelane maikutlo ka taba tsa bona tse bohloko tsa teko ya ho ipolaya. Moithuti e mong o hlalositse ha a lekile ho ipolaya makgetlo a mararo, le leng ka ho leka ho ikgamella sefateng.

Lefapha le re le lakatsa ho tsebisa baithuti bohle, haholoholo ba Sehlopheng sa Leshome jwaloka ha ba itukisetsa ho ngola dihlahlobo tsa makgaola-kgang hore “ Re a Le Rata, Mme Hare Batle ho Lahlehelwa ke Lona”. Letsholong lena Lefapha le ne le kenyelleditse Basebetsi ba Setjhaba(Social Workers), hammoho le Ditsebi tsa Kellello (Psychologists) tse dulang di le malala a laotswe ho thusa baithuti.