Masisapelo a polao le ho tjheswa ha mosadi Bethlehem

Tlaleho ka Moqolotsi wa Ditaba Puisano news

Nakong eo naha ya Afrika Borwa e thakgola kgwedi ena ya Phato e leng kgwedi ya basadi motse wa Bohlokong, Bethlehem, botjhabela ba Foreistata o aparetswe ke maswabi le ho sarelwa.

Mesong ya letsatsi la Mantaha ana a la 4 Phato, motse oo o tsohile ka ditaba tse mahlonoko tsa ho fumanwa ha setopo sa motho wa mosadi ya bolailweng ka ho hlajwa a ntano tjheswa.

Sepolesa sa motseng oo se ipiletsa ho baahi ba ka bang le lesedi le ka lebisang ho tshwareng ha babelaellwa, polaong ena e sehloho.

Ho ya ka sepolesa setopo sena se bonwe ke e mong wa baahi nakong ya bo 06:30 hoseng sebakeng sa Phase 7, Bohlokong.

Mofu o fumanwe a ena le maqeba wa ho hlajwa, le mmele o tjhele hoo ho a ke keng a tsejwa. Sepolesa se boletse hore ho tla etswa dihlahlobo tsa kamora lefu, ho fumana sesosa sa lefu, le hore na ebe mofu o ile a betwa pele ho polao kapa tjhe.

Masalla a mofu a ntse a sa tsebisahale ha jwale. Sepolesa se ipiletsa ho mang kapa mang ya ka bang le lesedi le ka thusang hore mofu a tsejwe kapa ho fumana moetsi/baetsi ba ketso ena, ho ikopanya le Detective Captain Motaung-082 453 0794. Kapa nomorong ena ya mahala 08600 10111.