Maqheku a ya tsotellwa

Boqheku ha se nako ya ho itlohella feela le ho dula o ntse o touta, o ngongorehile hape o bolawa ke bodutu. Sena se bontshitswe ke mokgatlo wa Mmokeng wa Maqheku o leng Zamdela, Sasolburg.

Mokgatlo ona o bokelletse mmoho maqheku kahare ho motse ho ntshana seinong le ho iketsetsa mesebetsi e mengata eo ba ka iphedisang ka yona le ho intsha bodutu.

Mmokeng wa Maqheku e maikemisetsong a ho hahamella pele le ho fihlella ditabatabelong tsa ona le morerong wa wona wa ho kopanya maqheku, ho a hlokomela le ho a ntshetsa pele hammoho le ho a bona a bolokehile.

Mokgatlo ona o thehilwe sebakeng sa Harry Gwala hona moo Zamdela ka selemo sa 2010 ke Mieta Mpholo ka baka la tjheseho eo a bileng le yona ya ho kopanya maqheku, kamora ho elellwa hore bongata ba bona ba dutse fela malapeng e leng seo hangata se ba tlisetsang ho ingamangana le ho touta boholo ba nako, ka baka la maemo ao ba iphumanang ba le ho ona.

Mokgatlo ona o boetse o matlafatsa maqheku ka tsebo le ho ba kgothalletsa ho iketsetsa mesebetsi ya matsoho le e meng e mengata. Hara mesebetsi eo mokgatlo ona o iketsetsang yona ke ho roka diaparo ka motjhini le ka matsoho, ho jala mefutafuta ya dijalo tshingwaneng ya bona, ekasitana le ho etsa dijo tsa makanekane tsa dijalo, jeme le tse ding.

Meita Mpholo le dibotlolo tsa jeme eo maqheku a iketsetsang yona

Molaodi le Motsamaisi wa mokgatlo ona Moruti Ben Msimanga o hlalositse ha mokgatlo ona o ikemiseditse ho finyella tse kgolo tabatabelong ena ya ona ya ho kopanya maqheku.

“Mokgatlo o lakatsa ho bona maqheku ka boholo ba ona a kopane mmoho ka kutlwano le lerato ho iketsetsa mesebetsi eo ba ka kgonang ho etsa ka bobona. Mokgatlo o labalabela ho ipona o ahile sebaka sa maqheku, moo ho tla thuswang maqheku a hlokang le a hlekefetswang” ho rialo Msimanga.

Mokgatlo ona o boetse o thusa maqheku ka ho ba tsholela dijo habedi ka letsatsi. Ha jwale mokgatlo ona o na le maloko a 133 kahara motse wa Zamdela, mme o ipeletsa ho maqheku ohle ho tla inwesa ka nkgo tse etsahalang mokgatlong ona. – Tlaleho ka Ouma Mabaso