Malindi o kotsomala se maratswana sa Metsimaholo

Tlaleho ka Moqolotsi wa Ditaba wa Puisano

Hlathe e lelekisa tsebe ho Molekgotla wa mokga wa African Independent Congress (AIC) Jack Malindi kamora ho fuwa marapo ntle le kganyetso wa ho kotsamala setulo se maratswana sa bomajoro ba Masepala wa Selehae wa Metsimaholo.

Malindi o beilwe setulo sena kopanong ya Lekgotla la Motse la Metsimaholo e bileng letsatsing la Laboraro bekeng ena e ne e tshwaretswe Multipurpose Sports Centre e sebakeng sa Harry Gwala ka Zamdela, Sasolburg.

Yena o kena dieteng tsa Molekgotla Jeff Zwane ya ileng a ketolwa ka mohato wa ho hloka tshepo ho yena o ileng wa hlahlelwa ke African National Congress.

Malindi o ile a thonngwa ke mokgatlo wa habo wa AIC mme African National Congress ya tshehetsa seo.

Majoro e motjha, Cllr Jack Malindi

Metsimaholo e se e na le BoMajoro ba bararo nakong feela e ka tlase ho dilemo tse pedi kamora dikgetho sa Bommasepala tsa 2021.

Majoro wa pele e bile Selloane Motjeane wa Economic Freedom Fighters – Ka la 22 Pudungwana 2021.

A latelwa ke Jeff Zwane wa Democratic Alliance – Ka la 3 Tshitwe 2021.

Wa boraro ke Jack Malindi wa African Independent Congress – Ka la 16 Phato 2023

Masepala wa Selehae wa Metsimaholo o thehilwe ka ditoropo tse tharo e leng Sasolburg, Deneysville le Oranjeville.

Sasolburg ke lehae la feme e kgolo e tsebahalang ya Sasol.