Makume o tshwara mokobobo wa botonakgolo ba Free State

Letona la Mebuso ya Kopanelo, Ditaba tsa Borena ba Setso le tsa Bodulo la Free State, Moses Ketso Makume, o filwe ha nakwana setulo sa Botonakgolo ba Province ena ya Free State. Sena se phatlaladitswe ke kantoro ya Tonakgolo Mxolisi Dukwana.

Makume o kgethilwe ho ba Tonakgolo ya nakwana ke Dukwana ho ya ka Karolo ya 131 ya Molaotheo wa Naha ya Afrika Borwa. O tshwara mokobobo ho fihlela ka di 18 Phupjane 2023. O qadile beke e fetileng ka Laboraro la di 31 Motsheanong 2023.

“Maikarabelo a Letona Makume jwaleka Tonakgolo ya nakwana e tla ba a ho pheta mosebetsi wa botonakgolo le ho phethahatsa tsohle tseo e leng maikarabelo a ho ba setulong seo.

“Lekgotla la Phethahatso le lakaletsa Tonakgolo bophelo bo botle a sa ntsane a fumantshwa diteko tsa bongaka,” ho rialo Mmuelli wa Tonakgolo, Sello Dithebe.

Dithebe o boletse hore mananeo a mmuso wa Free State a ntse a le motjheng. O ekeleditse ka ho re: “Lekgotla la Phethahatso le na le tshepo ho Letona Makume, eo e seng setlabotjha tabeng tsa tsamaiso ya puso, hore mosebetsi ona o tla o qhoba ka boqhetseke dibekeng tsena tse tlang.”