Maikutlo a sithabetse ke tahlehelo ya baqolotsi ba ditaba

Tonakgolo e tshwereng mokobobo ya Bokone Bophirima (North West) Nono Maloyi o boletse hore maikutlo a hae a saretswe ka baka tahlehelo ya baqolotsi ba babedi ba mehleng ba SABC ba profensi eo.

Ho ya ka Kantoro ya Maloi, mokaubere boqolotsing ba ditaba tsa seyalemoya, Bobby Serame (53) o timetse ka Labone ka baka la ho kula. Hona tsatsing leo monkaditshwantsho ya dilemo tse 33, Moleboheng Khaeane a timella kotsing ya koloi.

Serame o sebeleditse SABC ka nako e telele e le moqolotsi wa ditaba seyalemoyeng. Ngwahola o ile a tloha SABC ho ya Mahikeng FM. Athe ha e le Khaeane yena o sebeditse e le monkaditshwantso tsa video Lefapheng la ditaba la SABC North West bakeng sa dilemo tse tharo a ntano fetela Lefapheng la ditaba la SABC Free State.

Monkaditshwantsho wa SABC Moleboheng Khaeane

Ho ya ka tonakgolo ya nakwana, Khaeane e ne e le e mong wa batho ba bomme ba mmallwa bao e leng bankaditshwantsho tsa video.

Maloi o hlalositse Serame le Khaeane e le ditho tse bohlokwa tsa mafapha a ditaba tseo di neng di netefatsa hore setjhaba sa Bokome Bophirima se fumantswa lesedi ka mananeo le matsapa a mmuso a ho tobana le phephetso tse fapaneng tsa ntshetsopelo ya moruo wa profensi.

“Ditho tsa mekgatlo ya ditaba ke metswalle ya bohlokwa ya mmuso. Ntle le bona re ke ke ra fihlela le ho abela lesedi ka ditshebeletso tsa mmuso ho setjhaba sohle. Bobedi ba bona, Serame le Khaeane ba bapetse karolo ya bohlokwa ho matlafatseng setjhaba ka lesedi le ka ntlafatsang maphelo a sona. Ha meya ya bona e phomole ka kgotso ka ho sa feleng. Ke lebisa mantswe a ka a matshediso ho lelapa, metswalle le basebetsi-mmoho,” o rialo.

Ho sa le jwalo, National Press Club e boletse ha le yona e saretswe haholo ke mafu a baqolotsi ba ditaba ba bane ho latela diketsahalo tse fapaneng. Bona ke Khaeane, Serame, monkaditshwantsho wa mokaubere wa KwaZulu-Natal, Bongani Mbatha, le moqolotsi wa ditaba ya hlomphuwa ditabeng tsa boithabiso, Welcome Skhosana.

“Demokrasi ka nngwe e itshitlehile ho metjha ya phatlalatso ya ditaba – jwaloka mokgatlo o ikemetseng – ho netefatsa hore setjhaba se fumana tsebo ka diketsahalo tsa ntshetsopele tse amang maphelo a bona mme ho utlwisa bohloko ho lahlehelwa ke basebetsi-mmoho jwaleka ho etsahetse bekeng ena, sena se lematsa demokrasi ka mokgwa se lemaditseng ba malapa le metswalle,” ho boletse Modulasetulo wa National Press Club Chairperson, Antoinette Slabbert.

Mbatha wa Independent Newspapers o thuntswe le ho bolawa ka Labobedi lapeng ha hae kantle ho Durban. Mongodi wa Ditaba tsa Boithabiso wa mehleng wa Daily Sun le City Press, Skhosana, o timetse ka Laboraro la di 19 Phupu 2023.

Lepato la Skosana le bile ka Labobed la di 25 Phupu 2025 Middleburg, Mpumalanga.

Tshebeletso ya Lepato la Moqolotsi wa Ditaba Welcome Skosana

“National Press Club e theolela fatshe folaga ya yona ho lebisa tlhompho ho basebetsi bana ba mekgatlo ya ditaba le barumuwa ba demokrasi le bongata ba mantswe a bophara ba mekgatlo ya ditaba kahara naha ya rona. Mokgatlo o fetisetsa maikutlo a kutlwelobohloko ho malapa, basebetsi-mmoho le metswalle nakong ena ya bohloko le tlhoko.”