Ma Apara kobo a keteka le ho hlekela mathwaso a selemo se setjha

Ho Thwasa ha Selemo sa Basotho ho ketekwa selemo le selemo ha Mariha a etswa, ho hlekela bophelo bo botjha ka morao ho sehla se ommeng.

Selemo se setjha sa Basotho se qala ka kgwedi ya Phato, e tsejwang ka meya e tsukutlang le hore ke kgwedi ya ho jala, mme tjhai ya pele ya dijalo tseo e fuwe Tlhahlamatjholo e le sehlabelo.

Mokete wa selemo sena o ne o tshwaretswe Basotho Cultural Village Qwaqwa ka la 02 Phato 2025.

Ho ketekwa ha ho thwasa ha Selemo sa Basotho ke enngwe ya ditsela tsa bohlokwa tsa ho fihlella maikemisetso a latelang:

1) Kgodiso ya kaho ya setjhaba le momahano ya setjhaba

2) Kgodiso ya kopano le ha re fapane

3) Ntshetsopele ya mafa le botjhaba ba rona

4) Phetolo ya mafa a fapaneng

5) Ho tlotla bahale ba rona

6) Kgodiso ya puo ya Sesotho ka ho qoholleha, le botemengata ka kakaretso.

“Ha re keteka ho thwasa ha Selemo sa Basotho sa 2025, re kopanya Basotho bohle ba ka hare ho naha ya rona, ba ka Lesotho le mose ho naha, ho lakaletsa setjhaba sena sa Morena Moshoshoe dilemo tse ding tse ngata”, ho rialo Letona la Lefapha la Dipapadi, Bonono, Botjhaba le Boikgathollo, Mme Ntombizanele Sifuba.