Letsholo la “Ba ye ba Phela, Ba kgutle ba Phela” le tswetsepele Tumahole

Letsholo la tlhokomediso ya ho qala ha Mephato ya Lehlabula le tswelapele kahara profensi ena ya Foreisitata. Tsatsing la maobane wa la 16 Mphalane 2025, letsholo lena le etelletsweng pele ke Lefapha la tsa Tshebedisano ya Mebuso ya Kopanelo le Ditaba tsa Marena le tswetsepele motseng wa Tumahole Parys, e Masepala wa Ngwathe.

Sehlooho sa tlhokomeliso ya letsholo ena ke hore “Ba ye phela, ba kgutle ba ntse ba phela.”

Karolo ea 20 (1) ea Customary Initiation Act, 2021 (Molao oa 2 oa 2021) e bolela hore baetapele ba Setso ka kakaretso ba na le boikarabello bakeng sa ditlwaelo tsa qaleho tse etsahalang ka hara dibaka tsa matla a bona a borena kapa Makhotla a Borena, makhotla a sehlooho a setso kapa makhotla a setso ‘me ba tlameha, mabapi le sena:

(a) ho phahamisa ditlwaelo tsa moetlo hara ditjhaba tsa sebaka se itseng.

(b) khothalletsa boikamahanyo le Molaotheo, dipehelo tsa Molao ona le diitaelo dife kapa dife tse ding tsa molao tse amanang le ho qala moetlo, ho kenyeletsoa le lipehelo tse amehang tsa Molao wa Bana.

Letsholo lena le sebedisana hara ba bang le banka-karolo e leng:

• Makhotla a Setso

• Bomasepala

• Tshebeletso ya Sepolesa sa Afrika Borwa

• Mekhatlo e ikemetseng/li-NPO tse nkang karolo ho Thahaselleng Setso

• Dikomiti tsa Khokahanyo ea Qalo ea Libaka

• Mesuoe-hlooho ea Dikolo tsa Qalo

• Dingaka tsa setso

• Bahlokomeli ba Dikolo tsa Boithaopo le ba bang.