Letona le bebofatsa ha nakwana dipehelo tsa dipalangwang tsa setjhaba

Ho tloha letsatsi la Mantaha, 30 Hlakubele 2020, ho fihlela ka Labohlano, 03 Mmesa 2020, dipalangwang tsa setjhaba e leng dibese le di taxi di tla dumella ho tsamaisa bapalami ho tloha ka hora ya bohlano hoseng ho fihlela horeng ya borobedi mantsiboya.

Sena ke molemong wa baamohedi ba dithuso tsa setjhaba ba tla beng ba lebahana le ditsheng tsa bona tsa kamohelo ya ditjhelete tsa bona bekeng yona ena.

Letona la tsa Dipalangwang, Letona Fikile Mbalula, o amohetse kopo ya Letona La Ntshetsopele ya Setjhaba, Letona Lindiwe Zulu, ya ho bebofatsa dipehelo tsa dinako tseo dipalangwang tsa setjhaba di behetsweng tsona bekeng ena ya kamohelo ya ditjhelete tsa dithuso tsa mmuso.

“Kamora phatlalatso ya MoPresidente ya matsatsi a kamohelo ya dithuso tsa setjhaba, mekgatlo e fapaneng ya transporoto e ile ya etsa dikopo tse fapaneng malebana le ho bebofatsa dipehelo tsa dipalangwang tsa setjhaba. Kopo e nngwe ke e hlahang ho Letona La Ntshetsopele ya Setjhaba, Letona Lindiwe Zulu.

“Kamora ho shebisisa kopo eo le tse ding tse fapaneng ho tswa indastering ya dipalangwang le ya di taxi, ke nkile qeto ya ho amohela etsa diphethoho dipehelong tsa dipalangwang tsa setjhaba e tle e le hore baamohedi ba dithuso tsa setjhaba ba tle ba kgone ho thusahala,” ho boletse Letona Mbalula.

Letona le tobokeditse ntlha ya hore baomohedi ba tlameha ho tsamaya ba tshwere bukana tsa bona tsa boitsebiso le karete ya South African Social Security Agency (SASSA) eo ba amohelang tjhelete ka yona.

Hape letona la laela hore bapalami bae le hloko hore ha ba dule katamelano, ba siye sebaka mahareng a bona.