Lelatsi la malapa le hopotsa ka bohlokwa ba malapa

By Pitso Moloi

“Ha ho setjhaba ntle le malapa.” Ona ebile molaetsa wa mokete wa ho keteka Letsatsi la Matjhaba la Malapa. Mosebetsi ona o bile diahelong tsa Agape sebakeng sa Honeyville se Makoane, Qwaqwa.

Mekgatlo ka mekgatlo e ile ya bokana ho keteka letsatsi leo hantlentle le ketekwang ka la 15 Motsheanong.

Ho ketekwa ha letsatsi lena e ne e le ho toboketsa bohlokwa ba malapa le molemo wa ona.

Hara mekgatlo e bileng teng ke Lefapha la Ntshetsopele ya Setjhaba, Dihlabeng Development Initiative, Child Welfare South Africa (Qwaqwa) le Agape Foundation for Community Development.

Ha a fana ka puo Moemedi wa Lefapha la Ntshetsopele ya Setjhaba, Mohlomi Lerato  o itse: “Taba ya malapa e bohlokwa haholo empa ha e tsotellwe jwaleka ntwa ya bong (GBV), HIV le tse ding leha e le mona malapa e le ona a bukellang hammoho setjhaba.

A eketsa ka hore malapa ke ona a ahang setjhaba. Qaleho ya setjhaba sefe kapa sefe ke lelapa.

Moruti Motjale o ile a kgothatsa bohle ho matlafatsa tumelo ya bona le maemo a boitshwaro bo botle hore ba tle ba be le dikamano tse ntle tsa lerato.

 Mokone Motaung ya bileng teng moketeng o boletse tjena,”Ona ebile mofuta wa pele wa ketsahalo eo ke bileng ho ona. Ke labalabela eka batho ba ka tsamaya mekete e tjena ka bongata ho iphumanela tsena e tla thusa ho bopa malapa a bona.”