Lehadima le nka Maphelo a Makolwane Sekolong se seng Molaong Kroonstad

Tlaleho ka Moqolotsi wa Ditaba wa Puisano

Sehla sa mephato ke teng se tla simolla semolao, empa ho se ho tlalehilwe ditaba tse bohloko dikolong tse seng molaong kahara Profensi ena ya Foreisitata.

Komiti ya Profensi ya Bohokahanyi ho tsa Lebollo(PICC), e re e kgathaditswe ke ketsahalo tsena tse sa jeseng ditheohelang tse seng di tlalehilweng.

Motseng wa Kroonstad o Masepaleng wa Moqhaka, makolwane a supileng a ne a le ho se seng sa sekolo se seng molaong nakong eo lehadima le otlang sekolo seo, mme ha hlokahala makolwane a mararo, a mane hammoho le mosuwe ba bookelong.

Motseng wa Botshabelo teng Lefapha la tsa Mebuso ya Kopanelo le Ditaba tsa Marena le hlalosa hore ho na le dikolo tse sebetsang ka ditokomane tse seng molaong. Lefapha le tlaleha hore ho boetse ho na le ditshoso kgahlano le Mesuwe-Hlooho e fumaneng mangolo a molaong, ke batho ba ikgakanyang jwaloka ka Badula Setulo ba komiti ya Lebollo.

Lefapha lena le hlokomedisa batswadi, ba hlokomedi ba bana, Mesuwe-Hlooho, bana ba ikemiseditseng ho ya lebollong le ba nka karolo bohle tabeng tsa lebollo ho ikamahanya le molao wa Customary Initiation Act le Free State Customary Initiation Regulations.

Dikolo tsohle tsa mephato tse ngodisitsweng hantle di tlameha ho bontsha batswadi lengolo la boingodiso, le tekennweng ke Modulasetulo wa Komiti ya Profensi ya Bohokahanyi ho tsa Lebollo(PICC), Kgosi Nkgatle Tsotetsi.

Lefapha le re sehla sa mephato ya lehlabula ya 2025, e tla qala ka la 28 Pudungwana 2025 ho fihlela ka la 09 Pherekgong 2026.