Tlaleho ka Moqolotsi wa Ditaba wa Puisano
Motseng wa Namahadi Frankfort, tsatsing la Sontaha, kereke ya AFM e ile ya tshwara tshebeletso e kgethehileng ya ho rapella Sehlopha sa Baithuti sa 2025 (The Class of 2025) jwaloka ha ba ne ba tlo thakgola dihlahlobo tsa bona tsa makgaola-kgang tsatsing la Labobedi la di 21 Lwetse 2025.
Motsamaisi ya ka Sehlohong Masepaleng wa Mafube Jamela Selapyane, e bile sebui se kgethehileng sa letsatsi.

Selapyane o kgothaditse baithuti ka hore thuto ke sona senotlolo se tla ba bulela mamati a mangata. O hlalositse hore le yena e ntse e le moithuti wa University moo etsang lengolo la hae la bongaka ba dithuto kapa tsebo e leng PhD, e tsebahalang ka hore ke Doctor of Philosophy.
Tshebeletso ena e ne e etetswe hara ba bang ke Leloko la Palamente ya Afrika Borwa, Mme Nomasonto Motaung.

Moruti Matefu Mokoena o ile a bala lengolo la Joele 3: 9 – 10 e reng: Hlabang mokgosi hara ditjhaba, ka ho re: Itlhatswetseng ntwa le tsose dinatla! A ho atamele, a ho tle banna bohle ba ntwa! Ka mehoma ya lona le tee disabole, ka disekele tsa lona le tee marumo! Ya fokolang a ke a re: Nna ke senatla!








