Keng se kopanyang Masepala wa Metsimaholo le Maluti-a-Phofung?

Tlaleho ka Moqolotsi wa Ditaba wa Puisano

Majoro e mong hape o polane fatshe. Pele e bile Metsimaholo. Jwale ke Maluti-a-Phofung.

Ekaba dikilomitara tse ka hodimonyana feela ho makgolo a mabedi pakeng tsa Sasolburg le Qwaqwa. Empa diketsahalo tsa morao tjena di ya tshwana dibakeng tseo tse pedi. Ebile diketsahalo tsena di etsahala kgweding e le nngwe e leng ena e sa tswa feta ya Phato.

Tsatsing feela la pele le simollang kgwedi ya Phato, Lekgotla la Motse la Metsimaholo le Sasolburg le ile la tshwara kopano ya ho theola Majoro wa Masepala oo, Jeff Zwane. Tshisinyo ya ho hloka tshepo ho Majoro e ile ya kenngwa ke African National Congress (ANC). Empa tsena tsohle di ile tsa qhalwa ke Lekgotla le Phahameng la Dinyewe la Free State le ileng la kgutlisetsa Zwane setulong.

Majoro Jeff Zwane

Ha kgwedi ya Phato e saletswe ke matsatsi a mararo feela pele e kodumela, ka Qwaqwa  Lekgotla la Motse la Maluti-a-Phofung le lona le ile la tshwara kopano ya ho kakalatsa Majoro Gilbert Mokotso. Le mona hape tshisinyo ya ho hloka tshepo ho Majoro e hlahletswe ke ANC.

Maluti-a-Phofung ha se majoro feela ya kgaoletsweng se maratswana. Le Motsamaisi wa Dipuisano Paratlane Motloung o otlile ka sanketse. Bobedi bona ke balekgotla ba mokga wa MAP 16 o ileng wa nka taolo ya Masepala ona kamora dikgetho tsa Pudungwana 2021.

Phatlalatsong ya ditaba tsena, Lefapha la diphatlalatso la Masepala wa Maluti-a-Phofung le boletse hore Majoro o kakaladitswe ke balekgotla ba 45 kgahlano le ba 19 ba neng ba leka ho mo lwanela. Ke yona hape palo ya balekgotla ba 45 e boetseng hape ya ketola Motloung kgahlano le ba 20 ba neng ba finne seledu hore ha ho moo a yang.

Molekgotla Gilbert Mokotso

Ha e le Sephadi sa Lekgotla la Motse, Moeketsi Lebesa, yena a phonyohile ka sobana la nale kamora hoba tshisinyo kgahlano le yena e hulwe. Lebesa ke Moetapele wa Dikwankwetla mme ke e mong wa balekgotla ba nang le boiphihlelo ba nako e telele kahara Maluti-a-Phofung.

Ho ya ka Lefapha la Diphatlalatso, Motsamaisi wa Nakwana wa Masepala Amos Goliath o laetswe ho bitsa kopano ya Lekgotla haufinyana eo  ka yona ho tlang ho kgethwa Majoro e motjha hammoho le Motsamaisi wa Dipuisano.

Ha jwale ha ho Majoro kapa Motsamaisi wa Dipuisano Maluti-a-Phofung.