E tla ba semphete ke o fete Masepaleng wa Metsimaholo

Ka Moqolotsi wa Ditaba wa Puisano

Letsatsing la Labobedi la 1 Phato bekeng e tlang ngangisano e tla ba e matla Lekgotleng la Motse la Metsimaholo hola Sasolburg ka Leboya ho Profensi ya Free State. Mokga wa African National Congress (ANC)o e lata letailana mme o lomahantse mano ho bona mokga wa Democratic Alliance (DA) o tswile tsamaisong ya Masepala oo wa Metsimaholo

Mokotaba wa kopano ya la Labobedi e tla ba tshisinyo e kentsweng ke Mokga wa ANC ya ho hloka tshepo ho Majoro wa Phethahatso Jeff Zwane eo e leng Molekgotla wa DA lekgotleng leo la Metsimaholo.

Kopano ya Lekgotla lena la Motse e tla tshwarelwa Multipurpose Sports Centre e sebakeng sa Harry Gwala ka Zamdela, Sasolburg, ka hora ya 12 motsheare.

ANC e kentse kopo ya kopano ena ka Molekgotla wa yona Lekgotleng la Motse la Metsimaholo, Fikile Mosokweni, a tlatsitse ke Balekgotla ba bang ba ANC le mekga e meng e menyenyane. Mosokweni ebile ke Rasephadi wa Lekgotla

Fikile Mosokweni

Mokga ona wa ANC o buile sefahlamahlo hore maikemisetso a wona ke ho kakalatsa Zwane eo o mo qositseng ka ho hlolwa ke tsamaiso ya Masepala.

Zwane o kotsometse setulo sa bomajoro ka di 3 Tshitwe 2021 ho latela ho itokolla ha Molekgotla wa Economic Freedom Fighters (EFF), Selloane Motjeane, ya ileng a fuwa taelo ke mokga wa hae ya ho nyahlatsa maemo a hae wa bo Majoro wa Phethahatso. Sena ke ka mora hoba EFF e phatlalatse hore e ke ke ya kena pusong ya kopanelo le ANC.

ANC haesale e hula ka tlhako tsa morao masepaleng wa Metsimaholo hoo e tla ho hloka thuso ya mekga e meng hore boiteko ba yona ba ho ntsha Zwane bo atlehe. Mokga ona o na le ditulo tse 16 kahare ho Lekgotla la Motse la Metsimaholo, DA tse 12, EFF tse 12, Freedom Front Plus tse tharo, African Independent Congress se le seng, African Transformation Movement se le seng le Metsimaholo Community Association se le seng.

Ka kakaretso Lekgotla la Metsimaholo le na le ditulo tse 46 ho bolelang hore ANC e tla pallwa ho diha Zwane ntle le thuso ya mekga e meng.