Di tla roropa moketeng wa Macufe selemong sena

Ka Lekhotla Mokoena

Kamora ho sitiswa ke sewa sa Covid-19 bakeng sa dilemo tse ka bang pedi, mokete wa Macufe o tla boela o tshwarwa hape selemong sena  ho tloha ka la 02-09 Mphalane.

Sena se phatlaladitswe pele ke Tonakgolo ya Free State, Sisi Ntombela puong ya hae ya ka maemo a profensi  le ya pulo ya lekgotla la ketsamelao e bileng ka Mantaha, 28 Hlakola 2022. Tshepo ena ya boela ya tiiselletswa hape ke Letona la tsa Dipapadi, Botjhaba, Bonono le Boitsosoloso Limakatso Mahasa.

Mahasa o boletse ha lefapha le le motlotlo haholo ho phatlalatsa hore Mangaung African Cultural Festival(Macufe) e tla kgutla ka botlalo selemong sena.

Letona le hlalositse hore le ha ho ka ba le di phetoho mona le mane empa mokete ona o tla tshwarwa le ho tsamaiswa ka tsela eo bongata bo e tlwaetseng.

“Ho ke ke be ha e ba le diphetoho tse ngata tsamaisong ya mokete ona, lenaneo la tsamaiso le tla kenyelletsa kahare tseo barati ba mokete ona ba di tlwaetseng” ho rialo Mahasa.

Macufe a selemong sena a tla kenyelletsa kahare Gospel Music Show, Comedy, Theatre Jazz  le Hip-Hop music festival, Film Expo hammoho le Jazz Festival. Lesedi ka lenane tsamaiso le ditekete e tla phatlalatswa haufinyana.