Covid-19 e hlasela basebetsi ba Masepala wa Metsimaholo

Basebetsi ba robong mafapheng a fapaneng a Masepala wa Metsimaholo ba fumanwe ba e na le tshwaetso ya Covid-19 bekeng ena ya ho feta. Sena se netefaditse ke Majoro wa Phethahatso, Lindiwe Tshongwe.

Basebetsi bana ba se ba behilwe sebakeng se ikgethileng ho ya ka ditaelo tsa Lefapha la Bophelo bo Botle le melawana ya Covid-19, mme ho tla salwa morao bohle ba ileng ba teana le bona.

Tshongwe o hlalositse hore meaho ya masepala e tla hlwekiswa le ho nyanyatswa ka meriana e loketseng ho lwantshana le kokwanahloko ya hore e tle e be maemong a ho ka sebediswa hape. “Re kopa basebetsi ba rona le setjhaba ho ela sedi sewa sena sa Covid-19 ho kenyeleditse kahare le ha ba iphumana ba ba le mokgohlane, ho hohlola, mmetso o bohloko le ho fellwa ke moya mme ha hang ha ba e ba le bothata ba ikopanye le Lefapha la Bophelo bo Botle