Boipiletso ba mangolo a tumello ya ho rua ntja bo ya tota

Kamora diketsahalo tse sehloho tsa bana ba babedi ba harotsweng ke dintja ho fihlela ba timela, Tonakgolo ya Foreistata o tshehetsa mehato ya hore beng ba dintja ba be le mangolo a ba fang tumello ya ho rua dintja.

Tonakgolo Sisi Ntombela o etsa bo ipiletsa ho beng ba dintja ho hlokomela polokeho ya setjhaba hammoho le tlhokomelo ya dintja tsa bona. Sena se tla kamora hoba dintja tsa mofuta “pitbull” di ranthanye bana ka sehloho Bloemfontein le Hennenman.

Ketsahalo ya pele ke moo Olebogeng Mosime ya dilemo tse robedi wa Bloemfontein a ileng a hlaselwa ke ntja ya boahisane a ntse a ipapalla jareteng habo. Ketsahalong ya bobedi ke moo ntja ya mofuta ona e ileng ya fenetha ngwana ya lemo tse tharo motseng wa Hennenman.

Tlhaselo ya ngwana enwa ya dilemo di tharo e leng Keketso Saule e halefisitse le Letona La Bophelo Foreistata, Montseng Tshiu, ya ipeleditseng hore molao o bapale karolo ya ona diketsahalo tse naha tsa ho fenethwa ha bana ke dintja.

Tsiu o boletse hore ketsahalo ena e sehloho ya Hennenman e thefutse ha bohloko basebetsi ba tsa qomatsi ba di ambulance ba ileng ba bitsetswa sebakeng seo Keketso a ileng a harolwa ke dintja di teng hoo ba ileng ba fumantshwa ditshebeletso tsa ho thojwa maikutlo.

Ntombela le Tsiu ba boletse kamoo ba utlwisitsweng bohloko ka teng ke di ke diketsahalo tsena.

“Ke amehile maikutlo haholo ka diketsahalo tsena tsa di ntja tse nkileng maphelo a bana ba babedi mona profensing. Mafu a bana bana ke bomadimabe hobane hoja ho ile ha e ba le tlhokomelo e ka be ho sa etsahala sena se etsahetseng. Hape ho utlwisa bohloko ho bona beng ba dintja ba itsamaela le tsona seterateng ba sa di fasa ka lerapo.

“Ke ipiletsa ho beng ba dintja haholoholo tsena tsa di pitbull hore ba hlokomele dintja tsa bona. Batho ba tshaba mofuta ona wa dintja ho ya kamoo di leng bohale ka teng,” ho rialo Ntombela

Ntombela o ekeditse ka hore o kgothaditswe ke mantswe a Motlatsa Majoro wa Mangaung, Mapaseka Mothibi-Nkoane, wa hore beng ba dintja ba se ba tla tlameha ho ba le mangolo a ba dumellang ho rua dintja.