Batho ba robedi ba kgangwa ke metsi polasing e haufi le Heibron

Sepolesa sa Heilbron se netefaditse ha se ntshitse ditopo tsa batho ba robedi ba ileng ba kganngwa ke metsi molatswaneng o polasing e haufi le toropo ya Heilbron leboya la Free State.

Ketsahalo ena e etsahetse kamora hoba koloi ya mofuta wa vene e neng e tloha Heilbron ka Sontaha e lebile polasing e haufi le toropo eo mme e tletse ka bapalami ba bangata e tsamaye le metsi nakong eo e neng e leka ho tshela molatswaneng o polasing.

Koloi eo e ne e tsamaya ka koloi tseleng e seng ya se kontiri ya Welgeluk e pakeng tsa polasi tse pedi ha e tla hloleha ho tshela borokgo bo boemong bo tlatse bo bitswang Kliprivier. Ke moo koloi ena e ileng ya nkuwa ke leqhubu le matla la metsi la e lahlela kahara molatswana. Ka tsela e jwalo bapalami ba koloi eo ba kgangwa ke metsi.

Ba timetseng e bile mokganni wa monna ya dilemo tse 71 hammoho le molekane wa hae ya dilemo tse 62 le ditloholo tsa bona tse tharo e leng bashemane ba babedi ba dilemo tse 10 le ngwanana ya dilemo tse 14. Ba ne ba tsamaya mmoho le mosebetsi-mmoho wa mokganni e leng monna ya dilemo tse 34 le mofumahadi wa hae ya dilemo tse 33 le lesea la bona le lemo di pedi.

Bafu ba ile ba fumanwa le ho ntshuwa metsing ka Mantaha hoseng.