Lekgotla la Dinyewe Parys le dihile kahlolo ya dilemo tse leshome le metso e mehlano (15) ho baratani Issah Chisumbi(27) le Naledi Dangaje(21). Sena se tla kamora hoba bobedi bona bo fumanwe bo le molato wa tlatlapo.
Ditlaleho di re ketsehalo ena ya tlatlapo e etsahetse ngwahola ka kgwedi ya Lwetse nako eo bobedi bona bo neng bo hlasela lehlatsipa tlung ha lona dinakong tsa bo horeng ya bobedi bosiu.
Lehlatsipa le dilemo tse 49 le ile la phaphamiswa borokong ke bohloko bo otlang pelo le neng le bakilweng ke ho hlajwa. Ha le re raho la fumana mosebeletsi wa hae wa ka tlung hammoho le mohlankana wa hae ba eme ka thoko ho bethe, yaba ba qalella ho mo teteka ka dibotlolo ba batla tjhelete ka mahahapa.
Ke moo lehlatsipa le ileng la ba R10 000 empa ba mo qobella hore a e ekeletse. Ba mo tetekile jwalo ho fihlela ba ipha di menyane ka mehala e mene ya thekeng, mefuta ya mehala ena e bitswang di tablet tse pedi le laptop mme boleng ba phahlo eo kaofela bo etsa R40 200.
Ba iphile nako ha jwalo ba siya lehlatsipa lle lemetse haholo hoo le ileng la ba nkelwa tlung ya kokelo ho fumantshwa kalafo.