Baahi ba tshepiswa thuso ditefellong tsa ditshebeletso tsa Masepala

Masepala wa Metsimaholo o tshepisitse baahi le dikgwebo tse nyenyane theolelo mekitlaneng ya bona ya ditefello tsa ditshebeletso.

Baahi ba Masepala ona o thehilweng ka ditoropo tsa Sasolburg, Deneysville le Oranjeville ba tla fumana nyehlisetso ya diperesente tse 50 mekitlaneng ya bona ya ditshebeletso tsa Masepala. Monyetla ona o etseditswe le dikgwebo tse nyenyane. Empa sena se tla etsahala ha feela baahi le dikgwebo tse nyenyane ba ka lefa diperesente tse 50 tsa tjhelete eo ba ntseng ba e kolota.

Ho ba ntse ba lefa ka nepo bona ba tla fumana nyehlisetso ya di percent tse 10 nakong ya dikgwedi tse tharo ho tloha kgweding ena ho fihlela Tshitwe.

Malapa a se nang bokgoni a tla fumana kekeletso ya motlakase ka 50Kwh le metsi ka 6Kl bakeng sa kgwedi tse tharo ho tloha kgweding ena ho fihlela ka Tshitswe.

Ho ya ka Majoro wa Phethahatso wa Metsimaholo, Molekgotla Lindiwe Tshongwe, qeto ena e susumetswa ke maemo a hlobaetsang a moruo a bakilweng ke Covid-19 e nang le ditlamorao tse seng monate bakeng sa moruo wa Afrika.

“Sew sa Coronavirus se bakile masisapelo a tahleho ya mesebetsi le ho kwalwa ha difeme tse ngata mmoho le mathata kgolo ya moruo le wa setjhaba. Sena se tlisitse kgatello e kgolo naheng ka bophara le haholo bomasepaleng.

“Re rata ho tsebisa setjhaba hore lekgotla la motse le se le tjhaetse monwana ditekanyetso tse lekotsweng botjha tsa ditjhelete ho kenyeletsa kahare dithuso tsa ditjhelete le tshebediso ya ditjhelete,” ho rialo Tshongwe.

O ekeditse ka hore Masepala wa Metsimaholo o tla dula o ikitlaeditse ho ntshetsapele phano ya ditshebeletso ho sa kgathalatsehe maemo a mabe a moruo.

Tshongwe o boetse a etsa boipiletso ho setjhaba ho itlhokomela kgahlano le Covid-19.