Ramaphosa o ipeletsa ho baahi ho emela ditokelo tsa bona

Tlaleho ka Moqolotsi wa Ditaba wa Puisano

Mopresidente Cyril Ramaphosa o boletse hore demokrasi e atleha ha naha e na le baahi ba mahlahahlaha le ba etsang bo nnete ba hore ditokelo tsa bona tsa botho tse jwaleka tokelo ya ho ikamanyana le mang kapa mang, tokelo ya bolokohi ba puo, tokelo ya ho kopana le tokelo ya ho hwanta, boipelaetso le ho hlahisa maikutlo a bona ha ba thibellwe tsona.

Ramaphosa o buile sena kajeno sebokeng sa ho keteka Letsatsi la Ditokelo tsa Botho (Human Rights Day) se neng se tshwaretse George Thabe Stadium, Sharpeville.

O tobokeditse ntlha ya hore batho ba tlameha ho tsitlallela hore ditokelo tsa bona di phethahatswe.

“Batho ba tshwanelwa ke ho fumantshwa toka mme ba lokelwa ke hore le bona ba tshwarwe hantle ka tshwanelo ntle le leeme.

“Ha ho motho ya tlamehang ho tinngwa monyetla wa ho fumana toka makgotleng a dinyewe ka baka la bohole ba kgotla kapa kapa ka baka la ditjeho kapa puo,” ho rialo Mopresidente.

O tswetse pele a re ntwa ya tokoloho ha e felle fela makgotleng a dinyewe e boela hape e le ntwa ya toka ho ditshwanelo tsa baahi le tsa moruo.

Ramaphosa o itse ho bohlokwa ho ela hloko tokelo ya motho ka mong ya tikoloho e se nang kotsi ho bophelo ba hae bo botle le boiketlong ba hae.

O boletse hore selemo sena ke sa ho keteka dilemo tse 30 tsa tokoloho Afrika Borwa mme se bohlokwa ke hore naha ena e kgonne ho theha demokrasi e anelang batho bohle le e ananelang bohlokwa ba motho ka motho ka mong.

Mopresidente o boletse ka maikutlo a ho sithabala a bang teng kahare ho setjhaba letsatsi lena la la 21 Hlakubele kaha e leo ho hopolwang bbaahi ba 69 ba Sharpeville ba ileng ba bolawa ka sehloho ke sepolesa sa mmuso wa bohanyapetsi nakong eo ba neng ba tseka ditokelo tsa bona.

Letsatsi lena la Ditokelo tsa Botho le amahanngwa le diketsahalo tsa 21 Hlakubele 1960 nakong eo baahi ba Sharpeville ba neng ba ipelaetsa ka melao ya bohanyapetsi ha ba ne ba hlaselwa ke sepolesa mme ba 69 ba timela. “Re kopane mona Sharpeville kajeno ho lebisa tlhompho ho balwanedi bao ba ditokelo tseo kajeno re ikotlang sefuba ka tsona,” ho boletse Ramaphosa.