Refengkgotso e tla Ema Ntsi’ ebang bothata ba metsi bo sa lokiswe

Mokgatlo wa baahi motseng wa Refengkgotso, Deneysville o re baahi ba tla kwala le ho emisa tsohle motseng oo ebang metsi a ntse a sa fumanehe tsatsing la Mantaha wa la 02 Hlakubele 2026.

Mokgatlo ona wa Refengkgotso Residence Civil Society, o re haesale motse ona o hloka metsi ho tloha ka la 22 Hlakola 2026, mme ho lekane jwale.

“Ha tsatsi la Sontaha le dikela baahi ba ntse ba hloka metsi, baahi ba tla kena mohwantong wa kgotso ka Mantaha hoseng o lebileng renkeng ya dipalangwang moo mokgatlo ona o reng o tla nehela ditletlebo tsa bona ho Molaodi wa Masepala wa Metsimaholo e leng Monghadi Basi Motloung, kapa modula setulo wa (MPAC), Morena Molawa” ho rialo mongodi wa mokgatlo ona Ranky Khanya.

Masepala wa Metsimaholo o buile ha ho ena le tswelopele e kgolo tshebetsong ya ho kgutlisetsa phano ya metsi sebakeng seo, le hore tanka tsa metsi di tla nne di be teng ho thusetsa ka metsi moo a hlokahalang teng.