Lekgotla le Phahameng la Dinyewe Free State, le dutseng motseng wa Sasolburg le ahloletse Jonas Mokoena ya dilemo tse 27, ho hlola tjhankaneng dilemo tse mashome a mararo (30), bakeng sa polao ya kgarebe ya hae Mpho Dhlamini(41), le ngwana bona wa moshemane Omphile Innocent Mokoena wa selemo se le seng(1).
Ketso ena ya polao e sehloho e etsahetse motseng wa Qalabotjha Villiers. Ditopo tse pedi tsa mahlatsipa ana di ile tsa fumanwa ka la 16 Pherekgong 2025, mokoting o sa tebang mokhukhung sebakeng sa baipehi motseng oo wa Qalabotjha.
Mmele wa ngwana o fumanwe kahara mokotla hodima setopo sa Mme wa hae.
Tsena di etsahetse kamora ditlaleho tsa lephoka le lebe le tswang moo, le tlalehilweng ke baahisane ho monga sebaka. Dipatlisiso tsa pejana di hlalositse ha Mokoena a bolelletse monga sebaka seo hore kgarebe ya hae le ngwana ba ile motseng wa Balfour Mpumalanga.
Mokoena o ile a bonwa moo pejana tsatsing leo. Kamora ho fumanwa ha ditopo tsena ya ba Mokoena o ya nyamalla.
Nyewe ena e ile ya batlisiswa ke Detective Sergeant Ivy Maisa, ho tswa lekaleng la (Provincial Serious and Violent Crimes Investigation Murder and Robbery Unit). Bopaki le dipatlisiso tse bokelletsweng ke Detective Sergeant Ivy Maisa bo lebisitse ho tshwarweng ha Mokoena, ke Sepolesa sa Villiers, a le tseleng e lebang motseng wa Balfour tsatsing lona leo.
Mokoena o ile a tshwara le ho qoswa ka melato e mmedi ya polao. Ka la 5 Hlakola 2026, Mokoena o ile a fumanwa a le molato le ho ahlolwa.

