Bareki ba Kgothalletswa ho emisa ka ho sebedisa sehlahiswa sa NAN Special Pro HA Infant Formula

Khomishini ya Naha ya Bareki (National Consumer Commission), e re e kgothalletsa bareki ba rekileng sehlahiswa sa NAN Special Pro HA Infant Formula 800g (kgwedi tse 0-12), ho se kgutlisetsa morao moo ba se rekileng teng bakeng sa ho kgutlisetswa ditefello tsa bona tsa theko.

Khomishini ena, e re e nkile qeto ya hore sehlahiswa sena sa (NAN Special Pro HA 800g-batch number 51660742F3, sa dikgwedi tse 0-12), se emiswe ho rekiswa mme se kgutlisetswe morao.

Qeto ena e latela ho hlwauwa ha kgonahalo ya boteng ba Cereulide, tjhefu e hlahiswang ke Bacillus cereus, mohlodi o tlisang ngongoreho bakeng sa polokeho ya dijo.

Sehlahiswa sena se hlahisitswe ka kgwedi ya Phupjane(June)2025, ka metjha ya bahwebi ba baholo kahara naha, mme ya romellwa le naheng tsa ka ntle e leng Namibia le Eswatini.

Khomishini e re e tla tswelapele ho beha maemo ana leihlo le ho ikopanya le botsamaisi ho netefatsa ho latelwa ha ditlhoko tse amanang le polokeho ya dijo.

Bareki ba ka ikopanya le Khomishini mona:

Physical Address:

Block C, South African Bureau of Standards Campus

01 Dr. Lategan Road,

Groenkloof, Pretoria

Contact Centre: 012 065 1940

Email Addresses

Enquiries & Follow Ups: enquiries@thencc.org.za

Legal Advisory: advisory@thencc.org.za