Sepolesa sa Zamdela se Batlana le Xavier Makaai eo Leeto la hae le Felletseng Nahathote

Ho bonahala ha leeto la monna ya dilemo tse mashome a mahlano (50) la ho tloha Zamdela ho leba Kapa Botjhabela le sa ka la phethahala. Bohloko ke hore ha jwale ha ho mang a tsebang moo monna enwa a leng teng.

Sepolesa sa motseng wa Zamdela se ntse se batlana le monghadi enwa e leng Xavier Makaai ya tswang sebakeng sa bodulo sa Coolbrook eo leeto la hae ho tloha Zamdela ho leba Eastern Cape le felletseng nahathote.

Ho ya ka kgaitsedi ya hae Makaai o tlohile sebakeng sa hae sa bodulo se ka Coolbrook, ka Mantaha wa la 18 Phupu 2025 horeng ya bo leshome a leba Kapa Botjhabela (Eastern Cape), empa a se finyelle moo.

Kgaitsedi ya hae e hlalosa hore tsatsing lona leo, o letseditse khampani ya bese eo moholwane wa hae a neng a tlamehile ho e palama, empa ba hlalosa ho sena motho ya jwalo ya palameng ho bona tsatsing leo ho ya le ka ditokomane tsa bona.

Ka bomadimabe le ba leloko kwana Kapa ba hlalosa a sa finyella ho hang. Makaai o qetetswe ho bonwa a apere katiba le borikgwe ba boikwetliso tse putsoa ka mmala, le dieta tse tshweu tsa boikwetliso (White Tekkies)

Sepolesa se kopa mang kapa mang ya ka bang le lesedi la moo Makaai a ka fumanwang teng a letsetse, Detective Constable Nthabiseng Shwaeng 082 301 3022 or Crime Stop on 08600 10111. Kapa bakeng sa tlaleho e ka sephiring MySAPS App.