Tlaleho ka Lekhotla Mokoena
Mokga wa Economic Freedom Fighters (EFF) kahare ho Masepala wa Metsimaholo o kentse tshisinyo ya hore lengolo la molato la dikoloto tsa baahi le hlakolwe
Mokgwa ona o re o ngongorehiswa ka mohato o tobaneng le baahi ba Metsimaholo wa kgaolwa ha phepelo ya motlakase ke Masepala ka baka la sekoloto sa baahi sa tefello ya ditshebeletso.

EFF e behile tafoleng ditlhahiso tse tharo tse tharo tseo e kopang hore Lekgotla la Motse le di sekaseke mme le nke qeto hodima tsona, e leng:
- Ho hlakola lengolo la molato la dikoloto tsa baahi ka tlasa maemo a itseng, haholoholo moo ho bonahalang hore maiteko a fumana hore ha ho kamoo dikoloto tseo di ka lefellwang ka teng kapa ha moahi ya molato a na le tokelo ya ho kena lenaneng la dithuso tsa ba kojwana di mahetleng.
- Ho imolla baahi boimeng ba dikoloto ka ho ba dumella ho qala ditefello tsa ditshebeletso botjha.
- Ho hlekwisisa mekotla ya tefiso ho etsa bonnete ba hore e nepahetse le hore e felletse.
“Hodima tseo tsohle, ha Lekgotla la Motse le ka tjhaela monwana ho hlakolwa lengolo la melato le mekitlane ya baahi mme sa kenya taba eo tshebetsong ka boqhetseke, sena e ka ba mokgwa oo Masepala e ka phahamisang maemo a tshebetso e ntle.
“Sena se ka thusa hape le ho tlisa botsitso ditjheleteng tsa Masepala, ho ntlafatsa phano ya ditshebeletso le ho kgothalletsa maikarabelo le tsamaiso e pepeneng,” ho rialo EFF phatlalatsong ya yona.

