E seng ka diaparo tsa sekolo dibakeng tsa thitelo

Mokgatlo wa Barekisi ba Jwala Profinsing ya Free State( Free State Liquor Traders Association), o kgahlano ka hohlehohle le boitshwaro bo jeleng setsi hara baahi ba ho keteka letsatsi la Batjha la 16 Phupjane (Youth Day) ka ho apara uniforomo ya sekolo dibakeng tseo ho rekiswang jwala kapa moo ho tshwarwang meketjana ya boithabiso e amanang le jwala.

Mopresidente wa Mokgatlo wa Barekisi ba Jwala Profinsing ya Free State Monghadi Khulu Radebe o hlalositse hore molao wa Free State Liquor, Gambling and Tourism o hlakisa hore motho ya apereng uniforomo ya sekolo o nkuwa e le ngwana wa sekolo, ho sa natse hore o dilemo di kae. “Sena se bolela hore ke tlolo ya molao ho dumella bana kapa batho ba apereng uniforomo ho kena kapa ho keteka dibakeng tseo ho rekiswang jwala” ho rialo Radebe.

“Letsatsi la 16 Phupjane ke letsatsi la pono le sehopotso sa dipolotiki, eseng la boithabiso dibakeng tsa jwala ka uniforomo ya sekolo. Ka 1976, batjha ba ile ba ipelaetsa ho hanela puo ya Afrikaans e neng e qobellwa dikolong, e le karolo ya kgatello ya mmuso wa kgethollo. Ba ile ba nka kgato, ba batla tokoloho, eseng monate” ho eketsa Radebe

Monghadi Radebe o re kajeno puo ena ya Afrikaans ha e sa rutwa dikolong tse ngata, ka baka la sehlabelo sa batjha ba peleng. “Ha re seke ra nyenyefatsang sehlabelo seo ka ho etsa mekete ka uniforomo ya sekolo dibakeng tsa jwala. Ka hoo re kopa barekisi ba jwala, bahlophisi ba diketsahalo, dikolo le setjhaba ho hlompha letsatsi lena le nalane ya lona ka boikokobetso le boikarabelo” ho phethela Radebe.