Bana ba babedi ba timela ka sehloho kotsing ya mollo Petsana

Tlaleho ka Lekhotla Mokoena

Batswadi ba bana ba babedi ba timetseng ka sehloho kotsing ya mollo motseng wa Petsana Reitz ba ntlwanatshwana kamora ho tshwarwa le ho qoswa ke Sepolesa.

Bana ba babedi bana, ya dikgwedi tse supileng, le ya nang le selemo le kgwedi tse tsheletseng ba timetse kotsing ya mollo kamora hore batswadi ba bona ba ba tlohelle ntle le thlokomelo bosiung ba Moqebelo o fetileng.

Ho utlwahala hore tsatsing leo la la 03 Motsheanong nakong tsa bo 22:45 batswadi bana ba lemong tse 23 ho ya ho 25, ba tlohelletse bana ntle le thlokomelo ba ikela tahing, tameneng. Ke moo ba fumaneng molaetsa teng hore ntlu ya bona ya mokhukhu e ya tjha.

Sesosa sa mollo se ntse se le ka tlasa dipatlisiso ke ba Sepolesa. Batswadi bana ba qoswa ka nyewe ya ho se hlokomele bana. Bobedi bona bo tla boela bo hlahella kgotleng la dinyewe Reitz ka la 12 Motsheanong selemong sena ho tobana le diqoso tse ding hape.