Motjha tsoha o iketsetse

Sehlopha sa batjha e leng Re Phethile Art Production se motseng wa Bohlokong hola Bethlehem, se ikemiseditse ho kgothalletsa batjha ka bongata ba bona ho phahama le ho etsa se itseng ka maphelo a bona, ho ena le ho dula feela.

Sehlopha sena se thusa batjha hara tse ding ka ho pepesa ditalente tsa bona ho tsa bonono, botaki, tsa batjha bao e leng diroki, bangodi ba dibuka, dibini.

Re Phethile Art Production e qadilwe ka selemo sa 2020. Ho ya ka mmuedi wa sehlopha sena Lekgutsa Mbele a mang a maikemisetso a maholo a sehlopha sena ke ho tlosa batjha mebileng moo ba ka qetella ba iphumana ba kene nthong tse sa lokang tse kang dithethefatsi, tahi, ho ima pele ho nako ha mmoho le tse ding.

“A na ke a mang a maikemisetso a maholo wa sehlopha sena, hape tshebediso ya dithethefatsi ke batjha e ya e ntse e ja setsi ka hara motse ona wa Bohlokong hoo setjhaba sa mona se ileng sa tswa letsholo bekeng ya ho feta ho lwantshana le taba ena, mme ka hoo sehlopha sena se ikemiseditse ho bona batjha ba etsa tse tshwanetseng ka maphelo a bona,” ho rialo Mbele.

Bekeng e fetileng sehlopha sena se ne se boetse se kopane le batjha ka kakaretso, sepheo e le ho ba neha monyetla wa ho ipabola ho ya ka neo tsa bona ka ho fapana le ho pepesa talente tsa bona. Ha jwale sehlopha se na se maphathephathe ka ditukisetso tsa ho hatisa filimi.

Jwaloka mekgatlo e mengata metsaneng ya rona, le Re Phethile Art Production le yona e ntse e tobane le diphephetsong tse ngata.

“Jwalokaha e le mokgatlo wa batjha tse ding tsa diphephetso tse kgolo ke ho hloka disebediswa(equipment), ho hloka tshehetso ka tjhelete, ho hloka metjha ya ho ibapatsa le tse ding, ka lehlohonolo sehlopha sena se na le sebaka moo se sebeletsang teng” ho rialo Mbele.

Sehlopha sena se qadile ka maloko a mahlano fela, empa kajeno sena le maloko a fetang a mashome a mahlano. “Ke maikemisetso a sehlopha sena ho hola le kenella metseng e mabapi ekasitana le di profensing tse ding. Maloko a matjha a ntse a amohelwa sehlopheng,” Mbele o ekeditse jwalo.

Bakeng sa dintlha tse ngata, sehlopha sena se fumaneha mona: Call/WhatsApp us 0817509746

Email: rephethileartproduction@gmail.com

Facebook: Re phehile Art Production