Thabo le nyakallo di se ntse di kokota lemating la hao, ho bolela Moruti Matefu Mokoena

Ngwaneso, ha o kile wa utlwa bohloko ka nako e telele kapa ha o dula o ntse o utlwa bohloko kgafetsa kgafetsa, ho bonolo ho dumela hore ntho ena e bitswang thabo ha e sa tla ba teng bophelo ba hao. Le dipolelo tsa hao le mantswe a hao e se e le a buang tse bohloko feela.

Dingata dintho tse hlabileng batho dipelo tsa di siya di le maqeba-qeba, di fopha madi. Hape tse ding di ntse di etsahala nakong ena eo o ntseng o bala molaetsa ona wa ka. Thabo e fedile ebile e hole le bona. Ebile mehopolong ya bona ho bonahala hore ha se ntho e tla hlola e kgutla hape. Mohlomong o e mong wa bona.

E se e le nako e telele o hula ka thata ho le boima dintho di hana ho kopana.

O utlwile ditaba tse bohloko ka nako e telele. O utlwile mantswe a bohloko ka nako e telele. O utlwile dikobiso ka nako e telele. O utlwile diphoqo ka nako e telele. O utlwile dithohako ka nako e telele.

O kgesitswe ka nako e telele. O kgelletswe fatshe ka nako e telele. O tlodisitswe mahlo ka nako e telele. O behelletswe ka thoko ka nako e telele.

O hlokile mosebetsi ka nako e telele.

O fumane pihi ya lefu kamora pihi ya lefu ka nako telele.

O telletswe, wa nyatsuwa, wa etselletswa, wa suthumelletswa ka ntle ha bohloko, wa ba wa tswa ka dintshwe di sa fohlwa.

O llile, wa bokolla, wa se kgitla, wa fehelwa, wa bobola, wa babelwa wa ba wa fellwa le ke dikeledi.

Feela MAEMONG ao a bileng jwalo le ho ba bang a ntseng a le jwalo, ke o rapella le ho bua bophelong ba hao mantsweng a Pesalema 51:8 “O nkutlwise nyakallo le thabo! Masapo a ka ao o a robileng a ke a hlasimolohe!”

O hlokile thabo ka nako e telele, ho lekane jwale. Modimo o bone dikgapha tsa hao. Modimo o utlwile dillo tsa hao. Modimo o se a arabetse. Thabo e se ntse e kokota lemating la hao.

Ke thapelo ya ka hore Modimo a ke a o utlwise ditaba tse monate. Ditaba tsa nyakallo le thabo.

Ha o ntse o batla mosebetsi, o ke o fumane molaetsa o reng “Re ya o lebohisa. O hirilwe!”

Ha o kula o ke o utlwe mantswe a reng “bohloko ba hao bo alafehile.”

Ho eng kapa eng o utlwe mantswe a reng “Tsohle di lokile!”