Papadi ya bolo e tswela pele

Kamora ho emisa nakwana ka baka la Covid-19, sehla sa Premier Soccer League (PSL) sa 2019/2020 se boela se tswela pele nakong ya beke le matsatsi a mmalwa.

Sena se tla kamora hoba Lekgotla la Botsamaisi la PSL le nke qeto ya hore dipapadi tsa sehla sa 2019/2020 di tla tswela pele ho tloha ka la 8 Phato 2020. Papadi tse qalang e tla ba tsa Seka-Makgaola Kgang a Nedbank Cup.

Modula-setulo wa PSL, Dr Irvin Khoza o boletse hore ba se ba le malala-a-laotswe bakeng sa ho thakgola dipapadi tsa PSL. Tsena e tla ba dipapadi tse tla qetellang sena sa 2019/2020.

Papading ya liki teng, Kaizer Chiefs ke yona e ka hodimo ka dintlha tse 48, ka dipapadi tse 22 tseo e seng e di bapetse. Bobeding ke Mamelodi Sundowns ka dintlha tse 44 mme dipapadi di 21 tseo e seng e di bapetse. Borarong ke Supersport United ka dintlha tse 40 kamora dipapadi tse 24.