Mekgatlo ya Refengkgotso e fetisa molaetsa wa ntwa kgahlano le Tlhekefetso ya Bong ka Dipapadi

Mekgatlo e fapaneng motseng wa Refengkgotso, Deneysville e kopantse matshoho le ho sebedisa dipapadi ho fetisa molaetsa wa ntwa kgahlano le Tlekefetso ya Bong(GBV), mafelong ana a sa tswa feta a beke.

Dipapadi tsena tsa bolo ya maoto tsa bana ba ka tlase ho dilemo tse leshome le metso e mehlano di ne di bapallwa lebaleng la dipapadi la Themba-Kubeka Refengkgotso.

Mohlophisi wa dipapadi tsena Jaftha Mofokeng o boletse hore tsena e ne e se dipapadi fela, empa boholo e ne ele ho fetisa molaetsa ona.

Jaftha Mofokeng

Mokgatlo wa Tswelopele Community Care, Refengkgotso Hiv/Aids Consortium le Hotspurs Sports Club ke ona e nkileng karolo tlhophisong ya dipapadi tseo. Mofokeng, eo le mothehi wa Hotspurs Sports Club, o re ba bone ho le molemo hore bana haholoholo ba bashemane ba hlokomediswe ka taba tsena ba sa le banyane.

“Re bone ho le molemo ho ruta bana ka kgodumodumo ena ba sa le banyane hore ba hole ba tseba seo ka se etsang le seo ba sa lokelang ho se etsa, le hore maemo a jwalo ba ka a qoba jwang. Re motlotlo haholo ka mosebetsi ona le ka tshehetso ya baahi” ho rialo Mofokeng.

Dihlopha tse nkileng karolo e bile Refengkgotso Academy, Hotspurs Sports Club, Leboneng Mambas, 11 Ideas, AthletiCo le Oras PSG ya (Oranjeville). Bomampodi ba letsatsi e bile Refengkgotso Academy.