Lemati la bokwetlisi le dikoloha motjha-o-tjhele Naturena

Ha le ntse le dikoloha jwalo lemati lena la bokwetlisi Sehlopheng sa Naturena sa Amakhosi ba bang le betsetsa kantle, ba bang le ba hulela kahare. Molefi Ntseki ke lehlatsipa la moraorao la ho betsetswa kantle ke lemati lena.

Jwale, potso e ho batshehetsi le balatedi ba sehlopha sena ke ya hore na ebe Cavin Johnson e tla ba lesedi kapa lebone le bonesetsang Amakhosi tsela lefelleng moo e ntse e hlahlathela teng na?

Moepa ke wa mo nyolosa thaba ho sehlopha sena sa Kaizer Chiefs seo se iphumanang phiso di omile methaladi e le tlala e jeleng setsi ya mehope. Ebe Cavin Johnson o tla o besa o tuke tjee ho sehlopha sa Kaizer Chiefs?

Ena ke potso e melomong ya batshehetsi le balatedi ba bangata ba Amakhosi kamora hoba sehlopha se tsebise ka ho nyaolwa ha Mokwetlisi MolefI Ntseki.

Johnson o tsebisitswe ha e tla ba Mokwetlisi wa nakwana kamora hoba Amakhosi e ntshwe ke sehlopha sa Amazulu tlhodisanong ya Carling Black Label mafelong fetileng a beke.

Ho tea kalala hona ha Amakhosi ho ile ha boela ha kgentsha balatedi ba Amakhosi hoo ba ileng ba ntsha Ntseki ka ntshwe di sa fohlwa setediamong sa FNB.

Matsatsinyana kamora ho moo ke ha Chiefs e tsebisa ho nyaolwa ha Ntseki le ho nehelana ka marapo a bokwetlisis ha nakwana ho Johnson eo e leng hloho ya setsha sa ntshetsopele ya batjha sa Amakhosi.

Johnson o tla sebetsa le Dillon Sheppard, ha e le Arthur Zwane yena o tla kgutlela maemong a hae a pele a ho kwetlisa dihlopheng tsa ntshetsopele tsa Amakhosi.

Teko ya pele ya Johnson e mafelong ana a beke ka Moqebelo ha Amakhosi e tla be e tobane le Golden Arrows papading ya Dstv Premiership e tla bapallwa esetediamong sa Mpumalanga, Hammersdale.

Ha jwale Chiefs e maemong a borobedi ho log ya Dstv Premiership kamora dipapadi tse robong mme e na le dintlha tse 11.