Hobaneng batho ba hloka teboho ho batho ba ba entseng hantle bophelong?

Nalane ya bophelo e ke ke ya hlakola melemo ya batho ho rona. Diketso tse ntle, tse molemo, tse babatsehang le dithuso tseo batho ba bang ba re etseditseng tsona bophelong di ke ke tsa phumulwa jwang kapa jwang.

Leha ha re la leka ho iphapanya kapa ho itebatsa batho ba re entseng hantle bophelong empa nalane ya bophelo yona e ke ke ya hlakola mabitso a bona le diketso tsa bona, ho bolela Moruti Matefu Mokoena.

Motho ka mong a ka supa kapa a ka bala mabitso a batho ba mo entseng hantle, ba mo etseditseng tse ntle le tse molemo le ba mo thusitseng ka mokgwa o itseng. Ho tloha lapeng ho beng ka rona ho ya kahare ho motse le ho feta moo. Re thusitswe ka ditsela tse fapaneng. Re thusitswe ke batho ba fapaneng, bao re amanang le bona le bao re sa amaneng le bona. E mong le e mong o na le mokgwa o itseng a ileng a thuswa ka wona ke motho e mong. Ba bang ba re qenehetse re sa tsebane le bona.

Polelo e reng, “Motho ke motho ka batho ba bang” e jwalo feela. Bohle re dipaki tsa hore ho jwalo. Re entswe batho ke batho ba bang. Le rona re entse batho ba bang batho. Ntho e bohloko ke ha re lebala le ho lahla batho ba re entseng hantle. Bohloko bo bong ke ha rona re lebalwa le ho lahlwa ke batho bao re ba entseng hantle.

Bohloko ba ho lebalwa kapa ho lahlwa ke bao o ba entseng hantle bo ile ba utluwa le ke Morena Jesu Kreste kamora ho fodisa balepera ba 10 empa ha kgutla feela a le mong ho tla leboha. Morena Jesu a ba a botsa potso e reng: “Na ha ba ka ba ntlafala ba le leshome na? Ba robileng mono o le mong ba kae na?” – Luka 17: 17.

Kopo ya thuso e entswe ke balepera ba leshome. Thuso e fumane ke balepera ba leshome. Teboho e entswe ke molepera a le mong. Ba robong ba iphapanyetsa mothusi wa bona.

Hobaneng ha ho le jwalo hantlentle na? Hobaneng batho ba hloka teboho ho batho ba entseng hantle na?

Kajeno o seo o leng sona bophelong ka baka la motho e mong ya ileng a tela bophelo ba hao hore wena o be hantle. O kene moo o keneng teng kajeno hobane e mong o ile a dumela ho o fa monyetla, a o kgolwa ha ba bang ba ne ba o halala, a o fa monyetla. E mong o ile a o qala fatshe o se letho a pepesa bokgoni ba hao, mme kajeno lebitso la hao le ya tsebahala. E mong o ne a kgumama ka mangwele, a itima dijo a o rapella hore o atlehe o fumane mosebetsi le hore o atlehe bophelong. Empa, ho fihlela lena la kajeno ha o soka o kgutlela ho bona hore feela “ke ya leboha.”

Ba bang ke batho bao wena o ba etseditseng tse ntle. Wa ema le bona ho le boima. Wa lla le bona, wa thaba le bona. Wa tela tsohle hore bona ba atlehe. Wa itima monate hore bona ba tle ba phele ha monate. Wa hloka bona ba atelwa. Wa ba bulela mamati a ntlo ya hao. Wa ba tella le makoloi a hao. Wa tella tsohle tsa hao. Empa, kajeno ha ho le a le mong wa bona a kile a kgutla a re: “Ke ya leboha.”

Ha re se ke ra lebala kapa ra lahla batho ba re entseng hantle. Hore na re tla ba hloka ka tsatsi le leng ke taba e nngwe eo empa ha re se ke ra ba lebala kapa ra lahla.

Ha re kgutleleng ho bona ho ilo fetisa feela mantswe a teboho. Re re feela: “Re ya leboha” kapa “Ke ya leboha.”

*Matefu Mokoena ke Moruti wa Kereke ya Apostolic Faith Mission of South Africa, Phuthehong ya Batho, Bloemfontein.