Tlaleho ka Matefu Mokoena
Tlhokeho ya mabala a dipapadi a maemong a hantle, maemo a hlwahlwa, e sitisa kgolo dipapading. E tima dibapadi le ba nang le thahasello dipapading monyetla wa ho hodisa le ntlafatsa ditalente tsa bona.
Talente e nngwe e fella feela moyeng ka baka la tlhokeho ya sebaka se hantle sa boithapollo le ho bapala. Tlhokeho ena e tima le dihlopha menyetla ya boikwetliso, ho tsitsa le ho matlafala jwale ka sehlopa.

Hape, e tima batjha monyetla wa moo ba ka balehelang teng ho qoba meleko e tshwanang le dithethefatse, tahi, ho ima le botlokotsebe.
Dipapadi ke tse ding tsa diketsahalo tse ka tlosang batjha bobeng bo bongata empa ha mabala a dipapadi a se maemong a hantle ba tla etsa jwang?
Phepetso ke eo…..

