Buka ya Sello sa Moya e bontsha bohloko ba ho hloka phomolo moyeng

Tlaleho ka Moqolotsi wa Ditaba wa Puisano News

Buka e nngwe le e nngwe ya padi kapa pale (novel) e nka mmadi e mo kenya leetong leo a le nkang ho utlwisisa qalo le qetello ya baphethwa ba padi. Ebe ha mmadi a ntse a le leetong jwalo diketsahalo tsa padi di mo tsosetsa maikutlong a itseng ekaba kgalefo, thabo, pososelo, masisapelo kapa hona ho sithabala ha maikutlo. Athe e nngwe padi e siya mmadi a ena le dipotso tse ngata ho e na le dikarabo. Ho jwalo le ka buka e ntjha e sa tswa hatiswa e leng Sello sa Moya e ngotsweng ke Lekhotla Mokoena.

Lekhotla Mokoena

Ena buka e siya mmadi maikutlo a sithabetse a bile a ipotsa dipotso tse ngata ka mophethwa wa sehloho hore ana ebe o ne a jewa keng hakanakana e ileng ya mo fetola motwaitwai le mohlahlathehi ya ileng a hlahlathela hara thota a lebile ha pelo nkise, maoto mpepe. Ebe ke kgatello ya maikutlo? Ebe ke tlhokeho ya phomolo moyeng? Ke sa eng sello se se kanakana? O felletse kae?

Mophethwa enwa wa sehlooho ke Morumi, eo ho tloha bonyaneng a kgathaditsweng ke pherekano le ngongoreho ya maikutlo, tse neng di hlorisa moya hae. E ne e ka moya wa hae o ditlamong o lwana ntwa eo a sa tsebeng le sesosa sa yona. Mme ha tsena di etsahala, kahare ho yena o ne a fihlelwa ke ho hlora, ho tetebela ha maikutlo le bodutu bo boholo e ka o sa tswa utlwa taba tse bohloko.

O lekile ka makgetlo ho iphananya maikutlo a na ka kgopolo ya hore mohlomong a tla kgutsa kapa ho nyamela, empa ha se be jwalo. Hore bophelo bo tswelepele o ile a tlameha ho iphapanya le ho bipetsa tsena tsohle tse etsahalang kahare ho yena, mme bonngweng ba hae a lwana ntwa ena ntle le motho ya elellwang.

Qetellong eka ntwa ena ya Sello sa Moya wa hae e ile ya mo hlola, a furalla tsohle tseo a neng a se a di finyelletse bophelong, a nyamella hara naha, mohlomong ho ya arabela sellong sena sa moya.

“Ho fihlela nakong ena ha ho motho ya tsebang se etsahetseng ka Morumi le hore o ho kae, le hore ana e be o ntse a phela na? Se setseng ke mehopolo le menahano ka ena.” Ona ke mola o bulang kgaolo ya ho qetela ya Sello sa Moya.

Mongodi wa Sello sa Moya, Lekgotla Mokoena, o tswa seterekeng sa motse wa Ntswanatsatsi, Cornelia, o leng Leboya la Free State. O na le tsebo le boiphihlelo ba dilemo tse fetang tse leshome jwaloka mohlahisi, mohatisi le moqolotsi wa ditaba.